BACHA BAA BOTSA
Na ke Lokela ho Kolobetsoa?—Karolo ea 3: Ke Eng e Ntšitisang?
Na oa tšoha ha u nahana ka ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa? Haeba ho joalo, sehlooho sena se tla u thusa ho hlola bothata boo.
Sehloohong sena
Ke tla etsa’ng haeba nka etsa phoso e kholo?
Se u tšoenyang: Mohlomong u tseba motho e mong ea ileng a etsa sebe se tebileng eaba o lokela ho tlosoa ka hare ho phutheho. (1 Bakorinthe 5:11-13) U ka ’na oa nahana hore ntho e tšoanang e ka u etsahalla.
“Ha ke ne ke nahana ka ho kolobetsoa, ke ne ke nahana hore ke tla etsa phoso. Ke ne ke ipotsa hore na ntho eo e tla soabisa batsoali ba ka hakae.”—Rebekah.
Bibele e re: “Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae . . . A ke a khutlele ho Jehova, ea tla mo hauhela, a khutlele ho Molimo oa rona hobane o tla mo tšoarela ka pelo eohle.”—Esaia 55:7.
Nahana ka sena: Le hoja bafosi ba sa bakeng ba tlosoa ka phuthehong, ka mosa Jehova oa ba amohela ha ba ikokobetsa ’me ba amohela taeo.—Pesaleme ea 103:13, 14; 2 Bakorinthe 7:11.
’Nete ke hore le hoja u sa phethahala, u ka khona ho hlola liteko ka thuso ea Molimo. (1 Bakorinthe 10:13) Qetellong, ke uena ea etsang qeto ea hore na u tla itšoara joang, eseng motho e mong.
“Ke ne ke tšaba hore ke tla etsa phoso e kholo ka mor’a hore ke kolobetsoe empa hamorao ke ile ka hlokomela hore ke ne ke tla ikoahlaea haholo haeba ke ne ke sa kolobetsoe. Ke ile ka hlokomela hore ha kea lokela ho lumella lintho tse ka ’nang tsa etsahala ka moso hore li nthibele ho etsa seo ke lokelang ho se etsa hona joale.”—Karen.
Ntlha ea bohlokoa: U ka khetha ho qoba ho etsa libe tse tebileng, joalokaha bahlanka ba bang ba Jehova ba etsa.—Bafilipi 2:12.
Na u hloka thuso e eketsehileng? Bala sehlooho se reng “Nka Hlola Liteko Joang?”
Ke tšaba boikarabelo boo nka bang le bona ha ke qeta ho kolobetsoa
Se u tšoenyang: Ka mohlala, e ka ’na eaba u tseba bacha ba ileng ba ea hole le malapa a bo bona hammoho le metsoalle ea bona e le hore ba eketse tšebeletso ea bona ho Jehova. U ka ’na oa tšoenngoa ke hore batho ba tla lebella hore le uena u etse ntho e tšoanang.
“Mokreste ea kolobelitsoeng oa tšoaneleha hore a ka etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. Batho ba bang ha ba malala-a-laotsoe hore ba ka iketsa ba fumanehang kapa maemo a bona ha a ba lumelle hore ba ka etsa joalo.”—Marie.
Bibele e re: “Motho e mong le e mong a ke a hlahlobe lintho tseo a li etsang kaha o tla thabela seo a se entseng a sa ipapise le motho e mong.”—Bagalata 6:4.
Nahana ka sena: Ho e-na le hore u ipapise le batho ba bang, nahana ka mantsoe a hlahang ho Mareka 12:30 a reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle.”
Hlokomela hore u lokela ho sebeletsa Jehova ka pelo ea hao eohle eseng ea motho e mong. Haeba u rata Jehova e le kannete, u tla fumana litsela tsa ho mo etsetsa sohle seo u ka se khonang.
“Kolobetso ke mohato oa bohlokoa empa ha se moroalo. Haeba u na le metsoalle e lokileng, e tla u thusa. U tla thaba le ho feta ha hanyane ka hanyane u ntse u amohela boikarabelo bo eketsehileng. Haeba u sa batle ho kolobetsoa, u tla be u itlhokela toka.”—Julia.
Ntlha ea bohlokoa: Eketsa kananelo eo u nang le eona ho Jehova ka lebaka la lerato leo a u bontšitseng lona. Seo se tla u susumelletsa hore u mo fe sohle seo u ka se khonang.—1 Johanne 4:19.
Na u hloka thuso e eketsehileng? Bala sehlooho se reng “Ke na le Boikarabelo Hakae?”
Ke ikutloa ke sa tšoanelehe ho sebeletsa Jehova
Se u tšoenyang: Jehova ke ’Musi oa bokahohle ’me batho ha se letho ha ba bapisoa le eena. U ka ’na oa ipotsa hore na ebe Jehova oa tseba moo o leng teng.
“Batsoali ba ka ke Lipaki Tsa Jehova. Kahoo, ke ne ke utloa eka ke motsoalle oa Jehova hobane feela batsoali ba ka e le Lipaki eseng hobane ke hutsoe ke Jehova.”—Natalie.
Bibele e re: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle le ha a huloa ke Ntate ea nthomileng.”—Johanne 6:44.
Nahana ka sena: Taba ea hore u se u ntse u nahana ka ho kolobetsoa, e bontša hore Jehova o se a ntse a u hula hore u be motsoalle ea haufi le eena. Na u batla ho amohela memo ee?
Hopola hore ke Jehova eseng uena kapa motho leha e le ofe ea khethang hore na o hloka eng ho batho bao a ba hulang. Lentsoe la hae lea re kholisa hore haeba u ‘atamela ho Molimo, o tla atamela ho uena.’—Jakobo 4:8.
“Taba ea hore ebe u tseba Jehova le hore o u huletse ho eena e bontša hore oa u rata. Haeba u lumela hore ha u tšoanelehe ho mo sebeletsa, hopola hore eena ha a lumellane le seo ’me Jehova o lula a nepile.”—Selina.
Ntlha ea bohlokoa: Haeba u finyella lintho tseo Bibele e reng u lokela ho li etsa e le hore u kolobetsoe, seo se bontša hore u tšoaneleha ho ba morapeli oa Jehova. Hopola hore Jehova o tšoaneloa ke ho rapeloa.—Tšenolo 4:11.
Na u hloka thuso e eketsehileng? Bala sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Rapela?”