BACHA BAA BOTSA
Ke Lokela ho Etsa’ng ka Mor’a ho Kolobetsoa?—Karolo 2: Lula u Tšepahala
Bibele e re: “Jehova a ke ke a hanela ba se nang molato ka ntho leha e le efe e ntle.” (Pesaleme ea 84:11) Ho ‘hloka molato’ ho bolela’ng? Ho bolela ho phetha boitlamo boo re bo etselitseng Jehova ha re ne re inehela ho eena. (Moeklesia 5:4, 5) Ke joang u ka tsoelang pele u tšepahala ka mor’a hore u kolobetsoe?
Sehloohong sena
Tsoela pele u mamella mathata
Lengolo la sehlooho: “Re tla hlaheloa ke mathata a mangata pele re kena ’Musong oa Molimo.”—Liketso 14:22.
Se boleloang ke sena: Ho bua ’nete, Bakreste kaofela ba tla hlaheloa ke mathata. A mang a mathata ao u tla kopana le ’ona a akareletsang ho songoa le ho hanyetsoa le mathata a ka ba teng hobane u le Mokreste. Mathata a mang joaloka a ho hloka chelete le ho kula, a ama motho e mong le e mong.
Seo u ka se lebellang: Maemo a hao a bophelo a ka ’na a fetoha ’me ka linako tse ling ea e-ba ka tsela eo u sa e rateng. Bibele e re lintho tsena tse bohloko li etsahalla batho bohle, Bakreste le bao e seng Bakreste.—Moeklesia 9:11.
Seo u ka se etsang: Kaha oa tseba hore u tla kopana le mathata, itokise hona joale. Ha mathata a hlaha, matlafatsa tumelo ea hao ’me u itšetlehe ka Jehova. (Jakobo 1:2, 3) Ha nako e ntse e ea, u tla ikutloa joaloka moapostola Pauluse ha a ne a re: “Ke na le matla a ho etsa lintho tsohle ka lebaka la ea mphang matla.”—Bafilipi 4:13.
PALE EA SEBELE. Karen o re: “Nakoana ka mor’a hore ke kolobetsoe, bo-abuti ba ka ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova. Batsoali ba ka ba ile ba kula eaba le ’na kea kula. Ho ne ho ka ba bonolo hore ke nyahame le ho lebala hore ke inehetse ho Jehova, ka ba ka mo tšepisa hore borapeli ba hae bo tla tla pele bophelong ba ka. Empa ha e le hantle ho inehela ho Jehova ke eona ntho e ileng ea nthusa hore ke sebetsane le mathata a ka.”
Keletso: Ithute ka Josefa. U ka bala ka bophelo ba hae lengolong la Genese khaolo ea 37 le khaolo ea 39 ho ea ho 41. Ipotse: O ile a hlaheloa ke mathata afe ao a neng a sa a lebella, hona o ile a sebetsana le ’ona joang? Jehova o ile a mo thusa joang?
Na u hloka thuso e eketsehileng?
Bala:
“How Can I Deal With Tragedy?”
Daonlouda:
Hanela liteko
Lengolo la sehlooho: “E mong le e mong o lekoa ke ho hoheloa ke litakatso tsa hae.”—Jakobo 1:14.
Se boleloang ke sena: Ka linako tse ling, kaofela ha rona re lekoa ke litakatso tsa rona ’me haeba re sa li laole re ka qetella re entse lintho tse fosahetseng.
Seo u ka se lebellang: Ka mor’a hore u kolobetsoe, u tla ’ne u lekoe ke “litakatso tse fosahetseng.” (2 Petrose 2:18) U ka boela oa lekeha hore u etse thobalano pele ho lenyalo.
Seo u ka se etsang: Etsa qeto hona joale pele u ka lekeha ho etsa se fosahetseng, e le hore litakatso tsa hao li se ke tsa u susumelletsa ho etsa liqeto tse fosahetseng. Hopola hore Jesu o ile a re: “Ha ho na motho ea ka sebeletsang benghali ba babeli.” (Matheu 6:24) Kahoo, ikhethele hona joale hore na u tla sebeletsa ofe. Sebeletsa Jehova. Ho sa tsotellehe hore na takatso e fosahetseng e matla hakae, u ntse u ka khona ho e hlola.—Bagalata 5:16.
Keletso: Tseba matla le mefokolo ea hao. Khetha metsoalle e tla u thusa hore u etse lintho tse molemo. Qoba batho, libaka le maemo a ka u thatafalletsang hore u etse lintho tse nepahetseng.—Pesaleme ea 26:4, 5.
Na u hloka thuso e eketsehileng?
Bala:
“Nka Etsa’ng e le Hore ke se ke ka Nahana ka Thobalano?”
Tsoela pele u matlafatsa cheseho ea hao
Lengolo la sehlooho: ‘Sebetsang ka thata . . . ho fihlela qetellong. Le se ke la ba botsoa.’—Baheberu 6:11, 12.
Se boleloang ke sena: Motho ea sa tsepamiseng kelello mosebetsing oa hae a ka etsa lintho ka monyebe ’me a qetella a le botsoa ho sebetsa.
Seo u ka se lebellang: E tlameha ebe u ne u thabile ebile u na le cheseho ha u qeta ho kolobetsoa. U ne u rata Jehova ka pelo eohle. Empa ha nako e ntse e ea, ho ka ’na ha e-ba thata hore u tsoele pele ho mamela Jehova linthong tsohle ’me seo se ka u nyahamisa sa ba sa fokotsa cheseho eo u neng u e-na le eona.—Bagalata 5:7.
Seo u ka se etsang: Tsoela pele ho etsa lintho tse nepahetseng le hoja ka linako tse ling u sa thahaselle ho etsa seo. (1 Bakorinthe 9:27) Ha ka nako e tšoanang u ka tsoela pele ho atamela ho Jehova, ka ho mo tseba haholoanyane le ka ho mo rapela khafetsa. Hape tsoela pele ho haha setsoalle le batho ba ratang ho sebeletsa Jehova.
Keletso: Hopola hore Jehova o u rata haholo ’me o ikemiselitse ho u thusa. U se ke oa nahana hore Jehova o u koatetse haeba u se u sa chesehe ka nakoana. Bibele e re: “O fana ka matla ho ea khathetseng, ba se nang matla o ba tsosa molota.” (Esaia 40:29) Ha nako e ntse e ea, o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho batla ho cheseha hape.
Na u hloka thuso e eketsehileng?
Bala:
Shebella:
Seo Bacha ba Bang ba se Buang—Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ea ho Phela
Seo e leng ’nete: Haeba u tšepahala, u tla thabisa Jehova! (Liproverbia 27:11) O tla thaba hore ebe u khethile ho ba ka lehlakoreng la hae ’me o tla u fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e hlokang e le hore u hlole liteko tsa Satane.