Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 114
  • Haeba ha ke sa Batla ho Phela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Haeba ha ke sa Batla ho Phela
  • Bacha Baa Botsa
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Batla ho Shoa, na Bibele e ka Nthusa ha ke E-na le Maikutlo a ho Ipolaea?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na ha ho Molemo Hore ke Mpe ke Ipolaee?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Na ha ho Molemo Hore ke Mpe ke Ipolaee?
    Tsoha!—2008
  • 2 Hobane U ka Fumana Thuso
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 114
Mocha ea nang le khatello ea maikutlo o shebile pula e nang ka ntle festereng.

BACHA BAA BOTSA

Haeba ha ke sa Batla ho Phela

Jonathan ea lilemo li 17 o re: “Lilemong tsa ho feta, ke ne ke tšoenyehile haholo hoo e neng eka ke loantšana le ho tima mollo. Nakong eo, ke ne ke utloa eka nka ipolaea empa bonneteng feela ke ne ke sa batle ho shoa. Ke ne ke mpa fela ke batla ho felisa mathata a ka.”

Ha ho etsoa lipatlisiso, ho ile ha fumanoa hore baneng ba 14 000 ba likolong tse phahameng, a le mong ho ba bahlano o ile a lumela hore likhoeling tse 12 tse fetileng o ile a nahana ho ipolaea.a Ha u utloa eka ha u sa batla ho phela, u lokela ho etsa’ng?

  • Ema hanyane. Itjoetse hore u ke ke oa nkuoa ke maikutlo. Le hoja ho ka bonahala ho le thata ho sebetsana le mathata a hao, ho na le lintho tseo u ka li etsang tse ka u thusang hore u rarolle mathata a hao.

Mocha o batla tsela ea ho rarolla mathata a hae.

U ka utloa eka mathata a hao ha a khone ho rarolleha. Empa taba ea hore u ikutloa joalo ha e bolele hore taba eo ke ’nete. Ho na le lintho tse tla u thusa ho sebetsana le bothata ba hao, ha feela u ka fumana thuso e nepahetseng u tla khona ho rarolla bothata ba hao.

  • Keletso ea Bibele: “Re petelitsoe ka hohle empa ha rea petetsoa hoo re ke keng ra sisinyeha, re tsielehile empa ha se hore ho hang ha re na tsela ea ho tsoa.”​—2 Bakorinthe 4:8.

    Keletso: Haeba maikutlo a ho ipolaea a le matla haholo kapa u lula u nahana ka ’ona, leka ho fumana lintho tse tla u thusa. Mohlomong u ka founela sepetlele kapa batho ba thusang batho ba nang le maikutlo a ho ipolaea. Batho ba sebetsang moo, ba koetliselitsoe ho thusa batho ’me ba batla ho u thusa.

  • Bua le motho e mong. Ho na le batho ba u khathallang le ba batlang ho u thusa. Batho bana ba ka akarelletsa metsoalle le ba lelapa ’me ba ke ke ba tseba bothata ba hao ntle le haeba u ba bolella.

Mocha o roala likhalase tsa mahlo tsa hae.

Batho ba bang ba hloka likhalase tsa mahlo hore ba khone ho bona hantle. Ka tsela e tšoanang, motsoalle a ka u thusa hore u sebetsane le mathata a hao hantle le hore u boele u thabele ho phela.

  • Keletso ea Bibele: “Motsoalle oa ’nete . . . ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”​—Liproverbia 17:17.

    Keletso: E le hore u qale moqoqo u ka ’na oa re: “E se e le nako ke tleloa ke maikutlo a fosahetseng. Na nka bua le uena ka oona?” Kapa u ka ’na oa re: “Ke na le mathata ao ke sa khoneng hoa lokisa. Na u ka khona ho nthusa?”

  • E-ea ngakeng. Ho tšoenyeha haholo kapa ho ba le khatello ea maikutlo ho ka etsa hore batho ba se ke ba thabela ho phela. Litaba tse monate ke hore lintho tsena li le peli li khona ho fola.

Mocha ea kulang o nahanne ka thata ’me ha a je lijo tse ka pel’a hae.

Feela joalokaha ho tšoaroa ke sefuba ho ka etsa hore u se ke oa ba le takatso ea lijo, ho ba le khatello ea maikutlo ho ka etsa hore u se ke oa batla ho phela. Leha ho le joalo, mafu ana a mabeli a khona ho phekoleha.

  • Keletso ea Bibele: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka.”​—Matheu 9:12.

    Keletso: Robala ka ho lekaneng, ikoetlise u be u je lijo tse nang le phepo e ntle. Ho phela hantle ’meleng ho ka etsa hore u ikutloe hantle.

  • Rapela. Bibele e re ’Mopi oa rona “o moholo ho lipelo tsa rona ebile o tseba lintho tsohle.” (1 Johanne 3:​20) Ke hobane’ng ha u sa qale ho mo rapela kajeno? Sebelisa lebitso la hae e leng Jehova ’me u mo bolelle hore na u ikutloa joang.

Mocha o sokola ho jara lebokose le leholo.

Mathata a mang ho ka ba thata hore u itjarele ’ona. Jehova ’Mopi oa hao o ikemiselitse ho u thusa.

  • Keletso ea Bibele: “Le mo kope ka tieo hore a le tataise linthong tsohle . . . Ha le etsa joalo, Molimo o tla lebela lipelo tsa lona le menahano ea lona ka ho le fa khotso eo batho ba ke keng ba e utloisisa.”​—Bafilipi 4:​6, 7.

    Keletso: Ntho e ’ngoe eo u ka e etsang kantle le ho bolella Jehova bothata ba hao, u ka leka ho nahana ka ntho e le ’ngoe e ntle ebe u mo leboha ka eona. (Bakolose 3:​15) Ho bontša kananelo ho ka u thusa hore u nahane haholo ka lintho tse ntle tse u etsahallang bophelong.

Haeba u nahana hore ha ho bohlokoa ho phela, batla thuso. Ke eona ntho eo Jonathan eo re buileng ka eena qalong a ileng a e etsa. O re: “Ke ne ke hloka ho bua le batsoali ba ka haholo ebile ke ne ke hloka thuso ea lingaka. Empa hona joale ke ikutloa ke le hantle. Le hoja ka linako tse ling ke ikutloa ke sa thaba, ha ke sa nahana ka ho ipolaea.”

a Lipatlisiso tsena li entsoe ka 2019 ke U.S. Centers for Disease Control and Prevention.

Seo bacha ba se buang

Alexandra.

“Ho phela hantle maikutlong ho bohlokoa feela joalokaha ho le bohlokoa ho phela hantle ’meleng. Phapang e teng feela ke hore oa khona ho bona ha motho a lemetse ’meleng empa ha u khone ho bona ha motho a utloile bohloko maikutlong. Haeba u utloile bohloko u se ke oa tšaba ho bua. Ha ho na bothata ka ho kopa thuso.”​—Alexandra ea lilemo li 19.

Ian.

“Ha ke ntse ke le monyenyane, batsoali ba ka ba ile ba nthusa ho hlokomela hore ha hona bothata bo sa rarolleheng kapa bo sa mamelleheng. Ho ba le motho eo nka buang le eena, e leng batsoali ba ka, ho nthusitse hore ke khone ho sebetsana le mathata a ka.”​—Ian ea lilemo li 18.

Litemana tsa Bibele tse ka u thusang

Ke hobane’ng ha u sa ingolle litemana tsa Bibele tse ka u thusang ha u tšoenyehile? U ka qala ka tsena.

Pesaleme ea 34:18: “Jehova o haufi le bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko. O pholosa ba khathetseng matla.”

Temana ee e bolela’ng?: Jehova o khathalla haholo batho ba utloang ho le thata hore ba rarolle mathata a bona. O batla ho ba thusa.

Pesaleme ea 46:1: “Molimo ke setšabelo sa rona le matla a rona, o re thusa kapele ha re le matšoenyehong.”

Temana ee e bolela’ng?: U ka rapela Jehova nako e ’ngoe le e ’ngoe ha u utloa u tšoenyehile. O ikemiselitse ho u thusa hore u mamelle bothata boo.

Pesaleme ea 94:18, 19: “Ha ke ne ke re: ‘Leoto la ka lea thella,’ Jehova, u ne u ntšehetsa ka lerato la hao. Ha ke tšoenyehile haholo, u ile oa ntšelisa oa ba oa etsa hore ke thabe.”

Temana ee e bolela’ng?: Molimo a ka khona ho u khothatsa a sebelisa Bibele. Letsatsi le se ke la feta u sa e bala.

Pesaleme ea 139:23, 24: “Ntlhahlobe Molimo ’me . . . u tsebe lintho tse ntšoenyang tseo ke li nahanang. Sheba hore na ho na le ntho leha e le efe e mpe ka pelong ea ka. U ntsamaise tseleng e tla lula e le teng ka ho sa feleng.”

Temana ee e bolela’ng?: Jehova oo tseba ho feta kamoo u itsebang ka teng. A ka u thusa hore u tlohele ho nahana ka lintho tse ka u utloisang bohloko e le hore u tsebe ho thaba hape.

Esaia 41:10: “U se ke oa tšoenyeha hobane ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa, ke tla u thusa.”

Temana ee e bolela’ng?: Ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ’ona, Jehova u tla re fa matla a hore rea mamelle.

Seo re ithutileng sona: Haeba ha ke sa Batla ho Phela

  • Ema hanyane. Itjoetse hore u ke ke oa nkuoa ke maikutlo. Ho na le lintho tseo u ka li etsang tse ka u thusang hore u rarolle mathata a hao.

  • Bua le motho e mong. Metsoalle le ba lelapa ba ke ke ba tseba bothata ba hao ntle le haeba u ba bolella.

  • E-ea ngakeng. Ho ba le maikutlo a ho ipolaea, e ka ba letšoao la ho ba le khatello ea maikutlo. Boloetse bona bo ka phekoleha.

  • Rapela. Jehova oo tseba ho feta kamoo u itsebang ka teng ’me u batla ho u thusa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela