BIBELE E FETOLA BATHO
Ba Fumane “Perela ea Boleng bo Phahameng”
Jesu o ile a ruta hore ’Muso oa Molimo o tla rarolla mathata ’ohle a batho. (Matheu 6:10) Ho Matheu 13:44-46, Jesu o ile a fana ka mehlala e ’meli e latelang e bontšang bohlokoa ba ’Muso oa Molimo:
Monna o ne a sebetsa tšimong ’me a fumana letlotlo le patiloeng a sa lebella.
Rakhoebo ea tsamaeang ea batlang liperela tse ntle, o fumana perela e le ’ngoe ea boleng bo phahameng.
Banna bana ba babeli ba ile ba rekisa lintho tsohle tseo ba neng ba e-na le tsona e le hore ba reke letlotlo leo ba le fumaneng. Banna bana ba tšoantšetsa batho ba nkang ’Muso oa Molimo e le oa bohlokoa hoo ba telang lintho tsohle e le hore ba fumane litlhohonolofatso tse tlisoang ke ’Muso oo. (Luka 18:29, 30) Videong ena, bona pale ea batho ba babeli ba tšoanang le banna bao Jesu a buileng ka bona papisong ena.