Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 19
  • U ka Sebetsana le ho Kula ka Tšohanyetso Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Sebetsana le ho Kula ka Tšohanyetso Joang?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likeletso tse ka u thusang ha u kula
  • Na Molimo a ka u thusa ho sebetsana le ho kula?
  • 4 | Bibele e Fana ka Likeletso Tse ka re Thusang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2023
  • U ka Thusa Batho ba Nang le Khatello ea Maikutlo Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2023
  • Kamoo U ka Thusang Motsoalle oa Hao ea Kulang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lula U E-na le Pono ea Mangolo Litabeng Tsa Kalafo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 19
Ngaka e shebile X-ray ea ntate ea nyahameng ’me e ea mo hlalosetsa hore na o tšoeroe ke eng.

U ka Sebetsana le ho Kula ka Tšohanyetso Joang?

Na maemo a hao a bophelo a kile a mpefala u sa lebella? Haeba ho joalo, u tlameha u tseba hore na ho kula ho khathatsa hakae kelellong, maikutlong le hore hape ho hloka chelete e ngata haholo. Ke’ng e ka u thusang ho sebetsana le boemo boo? U ka thusa ba lelapa kapa motsoalle ea kulang joang? Le hoja Bibele e se buka ea tsa bongaka, e na le melao-motheo e ka u thusang hore u sebetsane le boemo boo bo boima.

Likeletso tse ka u thusang ha u kula

  • Batla thuso ea lingaka

    Seo Bibele e se buang: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka.”—Matheu 9:12.

    Seo e se bolelang: Kopa thuso ea lingaka ha ho hlokahala.

    Leka sena: Batla hore na ke thuso efe ea lingaka e ka u tsoelang molemo e fumanehang ho latela maemo a hao. Ka linako tse ling, ho ka ba molemo ho bua le lingaka ke ’maloa ka bothata ba hao. (Liproverbia 14:15) Buisana le tsona ka ho hlakileng ka bothata ba hao, etsa bonnete ba hore u utloisisa seo ba u bolellang sona le hore le bona ba utloisisa bothata ba hao hantle. (Liproverbia 15:22) Ithute ka bokuli ba hao le ka mekhoa eohle e teng ea phekolo bakeng sa bona. Ha u utloisisa seo u ka se lebellang, ho tla ba bonolo hore u sebetsane le bothata ba hao ’me u khethe phekolo e nepahetseng.

  • Lula u etsa lintho tse tla u thusa hore u be le bophelo bo botle

    Seo Bibele e se buang: “Ho ikoetlisa ’mele ho na le molemo o itseng.”—1 Timothea 4:8.

    Seo e se bolelang: Ho lula u etsa lintho tse tla u thusa hore u phele hantle joaloka ho ikoetlisa kamehla ho ka u tsoela molemo haholo.

    Leka sena: Ikoetlise kamehla, u je hantle u be u robale ka ho lekaneng. Ha u ntse u sebetsana le ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka bokuli ba hao, litsebi li bontša hore ho ipha nako ea ho etsa lintho tse tla u thusa hore u phele hantle ho tla u tsoela molemo haholo. Leha ho le joalo, etsa bonnete ba hore lintho tseo u li etsang ha li etse hore u kule le ho feta kapa ho sitisa meriana hore e u thuse.

  • Kopa thuso ho ba bang

    Seo Bibele e se buang: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle ’me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

    Seo e se bolelang: Metsoalle ea hao e ka u thusa ho sebetsana le maemo a thata.

    Leka sena: Bua le motsoalle eo u mo tšepang eo u ka phutholohang ho mo bolella maikutlo a hao. Ha u etsa joalo, u tla imoloha ’me u fokotse stress se bakoang ke ho kula. Metsoalle le ba lelapa ba ka thabela ho u thusa empa ba ka ’na ba se ke ba tseba hore na ba u thusa joang. Kahoo, ba bolelle hore na u ka thabela hore ba u thuse joang. U se ke oa lebella hore ba u etsetse lintho tse kholo empa u ananele thuso leha e le efe eo ba u fang eona. Hopola hore le hoja ba e-na le maikutlo a matle a ho batla ho u thusa, ka linako tse ling ba ka ’na ba etsa lintho tse ka u khathatsang ’me oa utloa u imetsoe. Kahoo, u ka nna oa beha meeli ea hore na ba u etele ka nako e kae le ka makhetlo a makae.

  • Lula u e-na le maikutlo a matle

    Seo Bibele e se buang: “Pelo e thabileng ke moriana empa ha motho a oele moea o felloa ke matla.”—Liproverbia 17:22.

    Seo e se bolelang: Haeba u e-na le maikutlo a matle ebile u e-na le tšepo, seo se tla u thusa hore u lule u khobile matšoafo le ho sebetsana le ho kula ha hao.

    Leka sena: Ha u ntse u tloaelana le boemo ba hao bo bocha, tsepamisa kelello linthong tseo u khonang ho li etsa, eseng tse ka holimo ho matla a hao. Qoba ho ipapisa le batho ba bang kapa le tsela eo u neng u etsa lintho ka eona pele u kula. (Bagalata 6:4) Ipehele lipakane tseo u ka khonang ho li finyella kaha seo se tla u thusa hore u lule u e-na le maikutlo a matle. (Liproverbia 24:10) Etsetsa batho ba bang lintho tse itseng ha maemo ao lumella. Thabo e tlisoang ke ho fana e ka u thusa hore u se ke oa tšoenyeha haholo.—Liketso 20:35.

Na Molimo a ka u thusa ho sebetsana le ho kula?

Bibele e re Jehova Molimoa a ka re thusa ho sebetsana le ho kula. Le hoja re sa lebella hore a re folise ka mohlolo, Molimo a ka thusa barapeli ba hae ka litsela tse latelang:

Khotso. Jehova a ka re fa “khotso eo batho ba ke keng ba e utloisisa.” (Bafilipi 4:6, 7) Khotso ena e ka re thusa hore re khobe matšoafo ’me re qobe ho ikutloa re imetsoe ke ho tšoenyeha haholo. Molimo o fana ka khotso e joalo ho batho ba mo rapelang ’me ba mo bolella lintho tse ba tšoenyang.—1 Petrose 5:7.

Bohlale. Jehova a ka re fa bohlale ba ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Jakobo 1:5) Motho o fumana bohlale boo ha a ithuta a bile a sebelisa melao-motheo e sa felloeng ke nako e fumanehang ka Bibeleng.

Tšepo e khothatsang ka bokamoso. Jehova o tšepisa hore nakong e tlang “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Tšepo ena e thusa batho ba bangata hore ba lule ba khobile matšoafo ho sa tsotellehe hore na ba kula ha kae.—Jeremia 29:11, 12.

a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.—Pesaleme ea 83:18.

Kamoo u ka thusang motsoalle ea kulang

Mo mamele ka hloko. Tsela e ’ngoe e molemo ea ho thusa motsoalle oa hao ke ka ho mo mamela ha a batla ho bua. U se ke oa nahana hore u lokela ho arabela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e buang. Hangata ho mamela feela ho lekane. Leka ho mamela maikutlo a hae hape u se ke oa mo ahlola. U se ke oa nahana hore u tseba kamoo motsoalle oa hao a ikutloang kateng, haholo-holo haeba a bonahala eka haa kule.—Liproverbia 11:2.

Bua lintho tse khothatsang. U ka ’na oa thatafalloa ke hore na u re’ng, empa ho bua mantsoe a seng makae ho bontša hore u utloisisa tsela eo motsoalle oa hao a ikutloang ka eona, ho ka mo khothatsa ho feta ho se bue letho. Haeba u sa tsebe hore na u ka re’ng leka ho bua mantsoe a kang: “Ha ke tsebe na ke re’ng empa ke batla hore u tsebe hore kea u tsotella.” Qoba ho bua lintho tse kang:“Ho ka ’na ha mpefala le ho feta” kapa “Bonyane ha oa tšoaroa ke. . . .”

U ka bontša motsoalle oa hao hore oa mo rata ka hore u ithute ka boloetse bo mo tšoereng. O tla ananela boiteko boo u bo etsang ho utloisisa boemo ba hae ’me lintho tseo u li buang li tla utloahala haholoanyane. (Liproverbia 18:13) Leha ho le joalo e-ba hlokolosi hore u se ke oa fana ka keletso ho sa hlokahale.

Mo thuse ka lintho tseo a li hlokang. Ho e-na le ho nahana hore oa tseba hore na u ka mo thusa joang, mo botse. Leha ho le joalo hopola hore motsoalle oa hao a ka ’na a se lumele hore o hloka thuso hobane a sa batle ho u imetsa. Fana ka litlhahiso tsa lintho tseo u ka ratang ho mo etsetsa tsona joaloka ho mo hloekisetsa, ho ea lishopong kapa ho mo thusa ka mesebetsi e meng.—Bagalata 6:2.

U se ke oa tela. Ha motsoalle oa hao a ntse a sebetsana le ho kula, a ka ’na a se ke a batla ho bua le uena kapa ho etsa lintho tseo le neng le lumellane ho li etsa hammoho. Mo mamelle ’me u mo utloele. Tsoela pele ho ithaopela ho mo thusa.—Liproverbia 18:24.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela