Lehlakoreng le letšehali ka holimo: Marek M. Berezowski/Anadolu Agency via Getty Images; lehlakoreng le letšehali ka tlase: Halfpoint Images/Moment via Getty Images; bohareng: Zhai Yujia/China News Service/VCG via Getty Images; lehlakoreng le letona ka holimo: Ismail Sen/Anadolu Agency via Getty Images; lehlakoreng le letona ka tlase: E+/taseffski/via Getty Images
LULANG LE FALIMEHILE!
Bibele e Re’ng ka Mathata a Bileng Teng Selemong sa 2023?
Lintho tse etsahetseng selemong sena sa 2023, li bontša ka ho hlaka hore re phela nakong eo Bibele e reng ke ‘mehla ea bofelo.’ (2 Timothea 3:1) Hlokomela kamoo lintho tse etsahalang lefatšeng hona joale li tšoanang le tseo Bibele e ileng ea bolela hore li tla etsahala mehleng ena.
Bibele e re’ng ka liketsahalo tsa lefatše?
“Lintoa le litlaleho tsa lintoa.”—Matheu 24:6.
“Lintoa le ho se utloane li ntse li eketseha libakeng tse ngata lefatšeng.”a
Bala sehlooho se reng “Ke Mang ea Tla Sireletsa Batho ba se Nang Molato Nakong ea Ntoa?” le se reng “Mebuso e Sebelisitse Matsebetsebe a Lichelete Sesoleng.”
“Litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.”—Mareka 13:8.
“Ho tloha maqalong a selemo sena sa 2023, ho ile ha e-ba le litšisinyeho tsa lefatše tse 13 libakeng tse fapaneng lefatšeng ’me e bile tse matla ka ho fetisisa tse kileng tsa tlalehoa.”b
Bala sehlooho se reng “Ho ba le Litšisinyeho Tse Mpe Tsa Lefatše Turkey le Syria.”
“Lintho tse tšosang.”—Luka 21:11.
António Guterres e leng mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng o ile a re: “Hona joale lefatšeng ha ho sa chesa feela empa ho tuka malakabe.c
Bala sehlooho se reng “Bibele e Re’ng ka Mocheso o sa Tloaelehang Lefatšeng Lehlabuleng la 2023?”
“Tlala.”—Matheu 24:7.
“Selemo sa 2023 e bile se seng sa lilemo tse thata ka ho fetisisa bakeng sa batho ba thatafalloang ke ho hlokomela malapa a bona.”d
Bala sehlooho se reng “Khaello ea Lijo e Bakoang ke Lintoa le Maemo a Feto-fetohang a Leholimo.”
“Bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.”—2 Timothea 3:1.
“Lefatšeng lohle, motho a le mong ho ba robeli o na le lefu le amang kelello le maikutlo.”e
Bala sehlooho se reng “Disturbing Decline in Teen Mental Health.”
Selemo sa 2024 se re tlela ka life?
Ha ho na motho ea tsebang hantle hore na ho tla etsahala’ng selemong sa 2024. Leha ho le joalo, lintho tse etsahalang lefatšeng hona joale lia bontša hore haufinyane ’Muso oa Molimo o leholimong o tla nkela mebuso ea batho sebaka. Hape o tla felisa lintho tsohle tse etsang hore batho ba utloe bohloko ba be ba tšoenyehe.—Daniele 2:44; Tšenolo 21:4.
Hona joale re ka kopa thuso ho Molimo nakong eo re utloang re tšoenyehile. Bibele e re:
“Ha ke tšohile, ke tšepa uena.”—Pesaleme ea 56:3.
Re ka bontša joang hore re tšepa Molimo? Re u memela hore u ithute haholoanyane ka tšepiso ea Bibele e buang ka bokamoso bo se nang mathata. Kopa thuto ea Bibele ea mahala e le hore u bone hore na litšepiso tse ka Bibeleng li ka tsoela uena le lelapa la hao molemo joang.
a Foreign Affairs, “A World at War: What Is Behind the Global Explosion of Violent Conflict?” by Emma Beals and Peter Salisbury, October 30, 2023.
b Earthquake News, “Year 2023: Number of Major Earthquakes on Course for Record,” May, 2023.
c United Nations, “Secretary-General’s Opening Remarks at Press Conference on Climate,” July 27, 2023.
d World Food Programme, “A Global Food Crisis.”
e World Health Organization, “World Mental Health Day 2023,” October 10, 2023.