Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 132
  • Bibele e Re’ng ka Ntoa e Bochabela bo Hare?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka Ntoa e Bochabela bo Hare?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na mebuso e tla felisa ntoa e Bochabela bo Hare?
  • Na ntoa e Bochabela bo Hare e phethahatsa boprofeta?
  • Na Armagedone e tla qala Bochabela bo Hare?
  • Ke eng e ka re thusang nakong ea mathata?
  • Bibele e re Lintoa Tse Ntseng li Etsahala Hona Joale li Tla Fela Neng?
    Lihlooho Tse Ling
  • Na Armagedone e Tla Qala Iseraele?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Armageddone—Seo e Seng Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Armagedone—Ke Qaleho ea Nako e Thabisang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 132
Mosi o tsoang ka mor’a hore misaele e otle e ’ngoe ea litoropo tse Bochabela bo Hare.

Photo by Stringer/Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Bibele e Re’ng ka Ntoa e Bochabela bo Hare?

Batho lefatšeng ka bophara ba tšoenyehile ka se etsahalang lipakeng tsa Amerika, Iseraele le Iran. Na boemo boo bo tla mpefala ’me e be ntoa e tla ama linaha tse ngata? Na mebuso e ka khona ho thibela lintoa le ho tlisa khotso ea ka ho sa feleng lefatšeng?

Batho ba tloaelaneng le boprofeta ba Bibele ba ka ’na ba ipotsa hore na ntoa e etsahalang Bochabela bo Hare ke qaleho ea ntoa ea Armagedone eo buka ea Tšenolo e buang ka eona.

Bibele e re’ng?

Na mebuso e tla felisa ntoa e Bochabela bo Hare?

Bibele e re: “Le se ke la tšepa likhosana kapa motho hobane a ke ke a le pholosa.”—Pesaleme ea 146:3.

Ho se ho tla bonahala ha nako e ntse e e-ea hore na mebuso e tla khona ho tlisa khotso Bochabela bo Hare. Leha ho le joalo, Bibele e bontša ka ho hlakileng hore ha ho na moeta-pele oa lipolotiki, ’muso oa batho kapa sehlopha sa batho se ka felisang ntoa le ho tlisa khotso ea ka ho sa feleng. Ke Molimo feela ea tla “felisa lintoa lefatšeng lohle.”—Pesaleme ea 46:9.

  • E le hore u ithute se eketsehileng, bala makasine oa Molula-Qhooa o nang le sehlooho se reng “Na Ntoa e Tla ke e Fele?”

Na ntoa e Bochabela bo Hare e phethahatsa boprofeta?

Bibele e re: “Le tla utloela ka lintoa le litlaleho tsa lintoa. . . . Lichaba li tla loantšana le mebuso e hlaselane.”—Matheu 24:6, 7.

Ntoa e etsahalang Bochabela bo Hare hona joale ke e ’ngoe ea lipontšo tsa hore ‘lefatše lena lea fela’ hape e paka hore re phela “mehleng ea bofelo.” (Matheu 24:3; 2 Timothea 3:1) Lintoa tse teng kajeno li bontša hore haufinyane Molimo o tla nka khato ea ho felisa ntoa le mathata a mang a hlahelang batho.

  • E le hore u ithute se eketsehileng, bala sehlooho se reng “Ke’ng e Bontšang Hore re Phela ‘Mehleng ea Bofelo’?”

Na Armagedone e tla qala Bochabela bo Hare?

Bibele e re: “Tsa bokella marena sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Armagedone.”—Tšenolo 16:16.

Ntoa ea Armagedone ha se ntoa e lipakeng tsa mebuso ea batho e tla qala Bochabela bo Hare. Ke ntoa e tla ama lefatše lohle ’me e tla ba lipakeng tsa mebuso ea batho le Molimo.

  • E le hore u ithute se eketsehileng, bala sehlooho se reng “Ntoa ea Armagedone Ke’ng?”

Ke eng e ka re thusang nakong ea mathata?

Bibele e re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho. Ho e-na le hoo, le rapele Molimo kamehla, le mo kope ka tieo hore a le tataise linthong tsohle ’me le mo lebohe kamehla.”—Bafilipi 4:6.

Jehovaa Molimo o re mema hore re mo rapele. Kaha Molimo oa re tsotella, o tla utloa lithapelo tsa rona a be a re thuse ho mamella mathata. (1 Petrose 5:7) Tsela e ’ngoe eo a re thusang ka eona ke ka hore a re hlalosetse hore na ke hobane’ng ha lintoa li le teng, hore na li tla fela joang le seo a tla se etsa ho felisa bohloko le mathata ao re nang le ’ona.—Tšenolo 21:3, 4.

  • E le hore u ithute se eketsehileng ka hore na Molimo o re thusa joang, bala sehlooho se reng “U ka Fumana Mantsoe a Khothatsang ka Bibeleng.”

a Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela