Lipaki Tsa Jehova li Tšoara Bao e Neng e le Litho Tsa Bolumeli ba Tsona Joang?
Re etsa sohle seo re ka se khonang ho bontša batho ba bang lerato, mosa le tlhompho. Haeba e mong oa Lipaki Tsa Jehova a se a sa sebeletse Molimo joaloka pele kapa a khaotsa ho mo sebeletsa, re buisana le eena ’me rea mo kholisa hore re ntse re mo rata le ho mo thusa hore a boele a atamele ho Molimo hape.—Luka 15:4-7.
Maemong a mang, liketso tsa motho li ka etsa hore a tlosoe ka hare ho phutheho. (1 Bakorinthe 5:13) Leha ho le joalo, kaha re mo rata e le kannete joaloka balumeli ’moho le eena, re etsa sohle seo re ka se khonang ho mo thusa hore a se ke a tlosoa. Leha a se a tlositsoe, re etsa sohle seo re ka se khonang ho mo bontša lerato le tlhompho joalokaha Bibele e re khothalletsa ho etsa joalo.—Mareka 12:31; 1 Petrose 2:17.
Ke’ng e ka etsang hore motho a tlosoe ka hare ho phutheho?
Bibele e bolela ka ho hlaka hore haeba Mokreste a etsa sebe se tebileng ’me a hana ho fetoha, o lokeloa ho tlosoa ka phuthehong.a (1 Bakorinthe 5:11-13) Bibele e-ea hlakisa hore na ke libe life tse tebileng hoo li ka etsang hore motho a tlosoe. Ka mohlala, e thathamisa libe tse kang bofebe, botahoa, ho bolaea, ho hlekefetsa ba lelapa le bosholu.—1 Bakorinthe 6:9, 10; Bagalata 5:19-21; 1 Timothea 1:9, 10.
Leha ho le joalo, motho ea entseng sebe ha a tlosoe hang-hang ka phuthehong. Baholo ba phuthehob ba leka ka matla ho mo thusa ho fetola boitšoaro ba hae. (Baroma 2:4) Ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho finyella pelo ea hae ka bonolo le ka mosa. (Bagalata 6:1) Ho etsa sena ho ka thusa mofosi hore a elelloe hore o entse phoso ’me a bake. (2 Timothea 2:24-26) Haeba le ka mor’a hore a thusoe ka makhetlo a ntse a tsoela pele ho etsa lintho tseo Bibele e reng li fosahetse ’me a sa bake, o lokeloa ho tlosoa ka phuthehong. Baholo ba tlalehela phutheho hore motho eo ha e sa le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.
Baholo ba leka ho finyella pelo ea mofosi ka bonolo le ka mosa
Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore motho ea tsoelang pele ho etsa sebe a tlosoe ka phuthehong? Sena se nolofalletsa phutheho hore e tšehetse melao-motheo ea Molimo ea boitšoaro bo hloekileng ’me e itšireletse tšusumetsong e mpe ea motho eo. (1 Bakorinthe 5:6; 15:33; 1 Petrose 1:16) Hape, motho ea entseng sebe a ka susumelletseha hore a ikemisetse ho fetoha.—Baheberu 12:11.
Lipaki Tsa Jehova li tšoara motho ea tlositsoeng ka hare ho phutheho joang?
Bibele e re Bakreste ba lokela ho ‘khaotsa ho itsoakanya’ le motho ea tlositsoeng ka har’a phutheho, ‘esita le ho ja ba se ke ba ja le motho ea joalo.’ (1 Bakorinthe 5:11) Kahoo, ha re itsoakanye le motho ea tlositsoeng ka phuthehong. Leha ho le joalo, ha re iphapanyetse eena ka ho felletseng. Re mo tšoara ka tlhompho. O amohelehile hore a ka tla litšebeletsong tsa rona tsa borapeli ’me ha a le moo Lipaki Tsa Jehova li ka khetha ho mo lumelisa.c A ka boela a kopa thuso ho baholo hore na a ka khutlela ka phuthehong joang.
Ba tlositsoeng ka phuthehong ba amohelehile ho ba teng litšebeletsong tsa rona tsa borapeli
Ho etsahala’ng ka motho ea tlositsoeng ka har’a phutheho empa molekane oa hae le bana ba hae ba banyenyane e ntse e le Lipaki Tsa Jehova? Le hoja a se a sa sebeletse Jehova hammoho le bona, e ntse e le litho tsa lelapa le le leng. Kaha ba ntse ba lula ka har’a ntlo e le ’ngoe, ba ntse ba lokela ho bontšana lerato le ho etsa lintho tse tloaelehileng tsa lelapa hammoho.
Motho ea tlositsoeng ka phuthehong a ka kopa baholo hore ba mo etele. Baholo ba tla sebelisa Bibele ho mo khothatsa ka lerato hore a bake le ho khutlela ho Molimo. (Zakaria 1:3) Haeba a khaotsa ho etsa lintho tse fosahetseng ’me a bontša hore o batla ho phela ka melao-metheo ea Bibele ea boitšoaro, e ka boela ea e-ba karolo ea phutheho hape. Phutheho e tla ‘mo tšoarela ho tsoa pelong e be e mo tšelise’ joalokaha Bakreste ba Korinthe ba ile ba etsa ha moetsalibe a fetotse liketso tsa hae.—2 Bakorinthe 2:6-8.
Batho ba neng ba tlositsoe ka phuthehong ba ikutloa joang hona joale?
Hlokomela kamoo ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ba neng ba tlositsoe ka phuthehong eaba hamorao ba etsa qeto ea ho khutlela ho Molimo ba ikutloang kateng.
Maria oa Amerika o re: “Ha kene ke batla ho khutlela ka phuthehong, ke ne ke nahana hore baholo ba tla batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e entseng lilemong tsa ha ke tlositsoe ka phuthehong. Ho e-na le hoo ba ile ba re, ‘Re batla hore u tsepamise kelello ho seo u ka se etsang ho tloha hona joale ho ea pele.’ Ka mor’a moo ke ile ka utloa ke imolohile.”
Malcom oa Sierra Leone o re: “Phutheho e ne e thabile haholo hore e be ke khutletse ka phuthehong. Ke ne ke ikutloa ke le motho oa bohlokoa. Bana beso ba ka phuthehong ba ile ba nthusa hore ke utloe hore Jehova o ntšoaretse ’me seo se ile sa nthusa hore ke tsoele pele ka bophelo. Baholo ba ne ba lula ba le teng ho nthusa hore ke atamele haufi le Jehova hape. Ba ile ba ntšelisa ’me ba nthusa ho bona hore Jehova o ntse a nkuka ke le motho oa bohlokoa ebile oa nthata.”
Sandi oa Amerika o re: “Ke thaba haholo hore ebe Jehova o rata batho ba hae haholo hoo a bolokang mokhatlo oa hae o hloekile.Ho ka bonahala e le ho hloka toka ho tlosa motho ea entseng sebe ka phuthehong empa ho molemo ebile ke pontšo ea lerato.Ke ananela ntate oa rona oa leholimo hobane ke Molimo ea lerato le ea tšoarelang.”
a Pele, re ne re re mofosi ea sa bakeng o khaotsoe empa hona joale re sebelisa mantsoe a hlahang ka Bibeleng a reng o tlositsoe ka har’a phutheho.
b Baholo ke banna ba Bakreste ba holileng tsebong ba rutang phutheho ba sebelisa Bibele. Ba tataisa batho ba Jehova ho ba thusa le ho ba khothatsa. Ha ba patalloe mosebetsi oo ba o etsang.—1 Petrose 5:1-3.
c Maemong a mang, motho ea tlositsoeng ka har’a phutheho a ka leka ho e khella fatše a ba a susumetsa batho ba bang hore ba etse boitšoaro bo bobe. Ha sena se etsahala, re latela taelo ea Bibele e reng re se ke ra “mo lumelisa.”—2 Johanne 9-11.