Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 29
  • Na ke Lokela ho Rapela Bahalaleli?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Rapela Bahalaleli?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Bahalaleli
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na re Lokela ho Rapela Bahalaleli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Na ho Loketse ho Rapela “Bahalaleli”?
    Tsoha!—2010
  • Bahalaleli ba ’Nete ba ka U Thusa Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 29

Na ke Lokela ho Rapela Bahalaleli?

Karabo ea Bibele

Che. Bibele e bontša hore re lokela ho rapela Molimo feela, ka lebitso la Jesu. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Ha ho mohla Jesu a kileng a laela barutuoa ba hae hore ba rapele bahalaleli, mangeloi kapa motho leha e le ofe ntle le Molimo.

Jesu o ile a boela a re ho balateli ba hae: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) Ke Jesu feela eo Molimo a mo fileng tokelo ea ho ba ’muelli oa rōna. Baheberu 7:25.

Na ho fosahetse haeba ke rapela Molimo le bahalaleli?

E le karolo ea Melao e Leshome, Molimo o ile a re: “’Na MORENA, Molimo oa hao, ke Molimo o boulelang.” (Exoda 20:5) Molimo o “boulela” ka tsela efe? Mongolo o botlaaseng ba leqephe ho New American Bible o re o “batla boinehelo bo khethehileng.” Molimo o batla hore boinehelo kapa borapeli—ho akarelletsa thapelo—li lebisoe ho eena ka ho khetheha.—Esaia 48:11.

Re khopisa Molimo ha re rapela motho leha e le ofe, esita le bahalaleli kapa mangeloi a halalelang. Ha moapostola Johanne a ne a leka ho rapela lengeloi, lengeloi leo le ile la mo thibela ho etsa joalo, ’me la re: “Hlokomela! Ke mpa feela ke le lekhoba-’moho le uena le barab’eno ba nang le mosebetsi oa ho pakela Jesu. Rapela Molimo.”—Tšenolo 19:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela