Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 9
  • Nka Sebetsana Joang le ho Hlekahlekoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebetsana Joang le ho Hlekahlekoa?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho hlekahlekoa ke eng?
  • Nka etsa joang haeba ke hlekahlekoa?
  • Ke ne ke tla etsa eng haeba ke ne nka ba boemong boo?
  • Nka Itšireletsa Joang Hore ke se ke ka Hlekahlekoa ka Thobalano?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Nka Sebetsana Joang le ho Hleka-hlekoa ke ba Batona Kapa ba Batšehali?
    Tsoha!—2000
  • Ke’ng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Hlekefetsoa ka Thobalano?
    Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Nka Etsa’ng ho Itšireletsa Sekolong?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 9

BACHA BAA BOTSA

Nka Sebetsana Joang le ho Hlekahlekoa?

  • Ho hlekahlekoa ke eng?

  • Nka etsa joang haeba ke hlekahlekoa?

  • Ke ne ke tla etsa eng haeba ke ne nka ba boemong boo?

Ho hlekahlekoa ke eng?

Ho hlekahleka ho akarelletsa boitšoaro bo bobe bo amanang le litaba tsa thobalano​—bo akhang ho tšoara-tšoara batho ba bang ba sa batle kapa ho bua lipuo tse litšila. Empa ka linako tse ling, ho ka ba thata ho hlokomela phapang pakeng tsa ha motho a u bapalisa, a etsa eka o oa u rata kapa a u hlekahleka.

Na u tseba phapang e teng pakeng tsa lintho tsee? Araba lipotso tse mabapi le ho hlekahleka ’me u fumane karabo!

Ka masoabi, u ka ’na ua hlekahlekoa leha u se u qetile sekolo. Leha ho le joalo, haeba u ithuta esale hona joale hore na u lokela ho etsa’ng ha u hlekahlekoa u tla khona ho etsa joalo leha u se u sebetsa. U ka khona le ho thibela motho ea u hlekahlekang hore a se ke a etsa joalo ho ba bang!

Olivia

“U lokela ho ba le sebete sa ho emela tokelo ea hao ea ho hana. Hangata batho ha ba khaotse ho fihlela u ba bolella ka tieo hore ha u batle. Ema u tiile ha u hanela boitšoaro bo joalo. Haeba ba sa khaotse, bolella motho e mong ka taba ena!”

Tanisha

“U se ke ua tšeha metlae e buang ka thobalano kapa ua kena moqoqong oa batho ba buang ka lintho tse amanang le thobalano. Haeba u etsa joalo, kapa u tloaelana le batho ba ratang ho qeta nako e ngata le batho ba bong bo fapaneng, batho ba bang ba tla nahana hore u tšoana le bona.”

Nka etsa joang haeba ke hlekahlekoa?

Hangata motho a ka khaotsa ho u hlekahleka haeba u tseba hore na ho hlekahlekoa ke eng le hore na u lokela ho etsa’ng ha u ka iphumana u le boemong boo! Hlokomela maemo ana a mararo le seo u ka ’nang ua se etsa ha u tobana le ’ona.

BOEMO:

“Mosebetsing, bo-abuti ba bang ba baholo ho ’na ba ne ba rata ho nkhotsa hore ke motle, ’me ba re ba lakatsa eka ba ka be ba le ka tlaase ho lilemo tse 30. E mong oa bona o ile a ba a tla ka mor’a ka ’me a nkha moriri oa ka!”​—Tabitha, ea lilemo li 20.

Tabitha o ne a ka ’na a re ka pelong: ‘Haeba ke hlokomoloha boemo bona le ho bo mamella, mohlomong ba tla khaotsa.’

Lebaka leo ho nahana joalo ho neng ho ka se thuse: Litsebi li re ha motho ea hlekahlekoang a hlokomoloha taba eo, hangata boemo boo bo tla tsoela pele le ho ba bobe le ho feta.

Ho e-na le hoo, leka sena: Bolella motho ea u hlekahlekang hore ha u rate tsela eo a itšoarang ka eona le eo a buang le uena ka eona, ’me u bue le eena u khobile matšoafo empa u tiile. Taryn ea lilemo li 22 o re: “Haeba motho a ntšoara-tšoara, ke mo bolella hore a se ke a hlola a etsa joalo hape. Hangata seo se tšosa moshemane ea entseng ketso eo.” Haeba motho ea u hlekahlekang a sa khaotse, ema u tiile lentsoeng la hao ’me u se ke ua tela. Ha ho tluoa tabeng ea ho boloka boitšoaro bo botle, Bibele e eletsa ka ho re: “Emang le tiile, le hōle tsebong ’me le be sebete.”​—Bakolose 4:​12, The New Testament in Contemporary Language.

U lokela ho etsa’ng haeba motho ea u hlekahlekang a u tšosa ka hore o tla u lematsa? Haeba a etsa joalo, u se ke ua bua le eena. Baleha kapele kamoo u ka khonang, ’me u kōpe thuso ho motho e moholo eo u mo tšepang.

BOEMO:

“Ha ke le sehlopheng sa botšelela, banana ba babeli ba ile ba ntšoara ke itsamaela phasejeng. E mong oa bona o ne a rata banana ba bang, ’me a batla hore ke ratane le eena. Le hoja ke ile ka hana, ba ile ba tsoela pele ho ntlhekatlheka letsatsi le leng le le leng ha tichere e le sieo ka tlelaseng. Ka le leng ba ile ba ntšutumelletsa leboteng!”​—Victoria ea lilemo li 18.

Victoria a ka be a ile a re ka pelong: ‘Haeba nka bolella motho ka taba ena, bana ba bang ba tla re ke boi, ’me mohlomong ha ho na motho ea tla nkholoa.’

Lebaka leo ho nahana joalo ho neng ho ka se thuse: Haeba u sa bolelle motho ka bothata bona, motho ea u hlekahlekang a ka ’na a tsoela pele ho etsa joalo ’me a ka ba a hlekahleka le ba bang.​—Moeklesia 8:11.

Ho e-na le hoo, leka sena: Kōpa thuso. Batsoali le matichere ba ka u thusa ho etsa hore motho ea u hlekahlekang a khaotse ho etsa joalo. Empa u ka etsa’ng haeba batho bao u ba bolellang bothata ba hao ba sa nkele taba eo u e buang hloohong? Leka sena: Nako le nako ha u hlekahlekoa, ngola ka lintho tse etsahetseng. Akarelletsa letsatsi, nako le sebaka seo u hlekahlekiloeng ho sona, hammoho le lintho tseo motho ea neng a u hlekahleka a li buileng. Ha u qetile, neha motsoali oa hao kapa tichere leqephe leo u ngoletseng ho lona. Batho ba bangata ba nkela hloohong litletlebo tse ngotsoeng ho feta tse buuoang ka molomo.

BOEMO:

“Ke ne ke tšaba moshemane e mong ea neng a bapalla rugby. O ne a ka ba bolelele ba limithara tse peli, ’me a le boima ba lik’hilograma tse 135! O ne a itjoetsitse hore ka le leng ke tla ‘robala le eena.’ O ne a ntšoenya hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng, selemo kaofela. Ka letsatsi le leng ha re ne re le babeli feela ka tlelaseng, o ile a qala ho nkatamela. Ke ile ka phahama kapele ’me ka baleha.”​—Julieta ea lilemo li 18.

Julieta o ne a ka ’na a nahana hore: ‘Ke mokhoa oa bashemane.’

Lebaka leo ho nahana joalo ho neng ho ka se thuse: Motho ea hlekahlekang ba bang a ka ’na a se ke a fetoha haeba batho ba nahana hore ha a etse ntho e mpe.

Ho e-na le hoo, leka sena: Qoba ho nahana hore boitšoaro bo joalo ke bo sa reng letho kapa ua soasoa ka bona. Ho e-na le hoo, tiisa hore tsela eo u itšoarang ka eona​—ho akarelletsa le eo u shebahalang ka eona sefahlehong​—e etsa hore motho ea u hlekahlekang a hlakeloe hore ho na le lintho tseo u ka li mamellang le tseo u ke keng ua li mamella.

Ke ne ke tla etsa eng haeba ke ne nka ba boemong boo?

PALE EA SEBELE 1:

“Ho hang ha ke rate ho buisa batho ba bang hampe. Kahoo, esita leha bashemane ba ne ba ntlhekatlheka, ke ne ke ba bolella hore ba khaotse empa ke bua le bona ka bonolo ’me hangata ke bososela. Ba ne ba nahana hore ke mpa ke etsa eka ha ke ba rate.”—Tabitha.

  • Haeba u ne u le Tabitha, u ne u tla bua joang le batho ba u hlekahlekang? Hobane’ng?

  • Ke eng e ka ’nang ea etsa hore motho ea u hlekahlekang a nahane hore u oa ’matla?

PALE EA SEBELE 2:

“Bashemane bao ke neng ke kena le bona ka tlelaseng ea fisiks ba ile ba qala ho etsa mesoasonyana e litšila. Ke ile ka hlokomoloha lintho tseo ba neng ba li bua ka libeke tse ’maloa, empa boemo bo ile ba mpefala le ho feta. Joale ba ile ba qala ho lula pel’a ka le ho nhaka molaleng. Ke ne ke ba sutumeletsa hōle le ’na empa ba tsoela pele ho etsa seo. Qetellong, e mong oa bona o ile a mpha sephephechana se ngotseng molaetsa o litšila. Ke ile ka se fa tichere ea ka. Moshemane eo o ile a lelekoa sekolong ka nakoana. Ke ile ka hlokomela hore nka be ke ile ka ea ho tichere li sa tloha!”—Sabina.

  • U nahana hore ke hobane’ng ha Sabina a ile a etsa qeto ea ho se ee ho tichere li sa tloha feela? Na u nahana hore o ile a etsa qeto e nepahetseng? Hobane’ng ha u nahana joalo?

PALE EA SEBELE 3:

“Moshemane e mong o ile a atamela ngoan’eso Greg ha ba le ka ntloaneng. O ile a atamela Greg haholo ’me a re, ‘Ntšune.’ Greg o ile a hana empa moshemane eo o ne a sa batle ho mo tlohela. Ha e le hantle, Greg o ile a tlameha ho sutumeletsa moshemane eo hōle le eena.”—Suzanne.

  • Na u nahana hore moshemane eo o ne a hlekahleka Greg? Ke hobane’ng ha u nahana joalo?

  • U nahana hore ke hobane’ng ha bashemane ba bang ba tšaba ho bua ha ba hlekahlekoa ke bashemane ba bang?

  • Na u lumellana le tsela eo Greg a ileng a sebetsana le boemo boo ka eona? U ka be u ile ua etsa’ng?

Lipotso tse mabapi le ho hlekahleka

“Ha ke le sekolong sa sekondari, bashemane ba ne ba hula bothisi ea ka ka morao, ’me ba bua lintho tse ntlotlollang​—tse kang hore ke tla ikutloa betere ha nka robala le bona.”— Coretta.

Na u nahana hore bashemane bao ba ne ba

  1. A Mo bapalisa?

  2. B Batla ho ratana le eena?

  3. C Mo hlekahleka?

“Ha ke le ka beseng, moshemane e mong o ile a qala ho mpuela lintho tse litšila ’me a ntšoara. Ke ile ka otla letsoho la hae ’me ka le tlosa ho ’na ka ba ka mo joetsa hore a tlohe pel’a ka. O ile a ncheba joalokaha eka kea hlanya.”— Candice.

U nahana hore moshemane eo o ne a etsa’ng Candice?

  1. A O ne a mo bapalisa?

  2. B O ne a batla ho ratana le eena?

  3. C O ne a mo hlekahleka?

“Selemong se fetileng, moshemane e mong o ne a lula a mpolella hore o oa nthata le hore o batla ho tsoa le ’na le hoja ke ne ke lula ke hana. Ka linako tse ling o ne a pholla letsoho la ka. Ke ile ka mo bolella hore a emise ho etsa joalo empa ha aa ka a emisa. Joale, ha ke ne ke ntse ke fasa seeta sa ka o ile a nkotla marao.”​— Bethany.

Ho latela maikutlo a hao, na moshemane eo o ne a:

  1. A Batla ho ratana le eena?

  2. B Mo bapalisa?

  3. C Mo hlekahleka?

Karabo e nepahetseng lipotsong tseo tse tharo ke C.

Ke eng e etsang hore ho hlekahleka ho fapane le ho batla ho ratana le motho e mong kapa ho mo bapalisa? Ngoanana e mong ea bitsoang Eve o re: “Ha motho a hlekahleka ba bang ho khotsofala eena feela. O tsoela pele leha u mo joetsa hore a emise.” Ho hlekahleka batho ba bang ke ntho e tebileng. Ha ho ame feela limaraka tsa hao tsa sekolong le bophelo ba hao, empa ho ka boetse ha u beha kotsing ea hore u betoe.

Ithute ho eketsehileng: Sheba khaolo ea 32, tlas’a sehlooho se reng “Nka Itšireletsa Joang ho Batho ba Hlekefetsang ba Bang ka Thobalano?” bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela