Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 58
  • Na Bibele e Hanela Batho ho Kopanela Liphate?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bibele e Hanela Batho ho Kopanela Liphate?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Pono ea Hao ka Botona kapa Botšehali—E Etsa Phapang ea Eng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Ho Tšepahala Lenyalong—Ha e le Hantle ho Bolela’ng?
    Tsoha!—2009
  • Na ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo
    Tsoha!—2013
  • Etsa Hore Lenyalo la Hao e be Kopano e Tšoarellang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 58

Na Bibele e Hanela Batho ho Kopanela Liphate?

Karabo ea Bibele

Ho e-na le ho hanela batho ho kopanela liphate, Bibele e bontša hore ke mpho eo Molimo a e fileng batho ba nyalaneng. O bōpile batho e le “e motona le e motšehali” ’me o ile a re pôpo ea hae ke e “molemo haholo.” (Genese 1:​27, 31) Ha a nyalisa monna le mosali oa pele, o ile a re “e tla ba nama e le ’ngoe.” (Genese 2:​24) Tlamahano eo e ne e tla akarelletsa ho kopanela liphate le hore ba momahane.

Bibele e hlalosa khotsafalo eo banna ba e fumanang lenyalong ka mantsoe ana: “U ithabise ka mosali oa hao oa matsoathaka . . . Kamehla matsoele a hae a u thabise, kamehla rato la hae le ke le u hohele.” (Liproverbia 5:​18, 19, Bibele Phetolelo e Ncha) Molimo o batla hore basali le bona ba thabele ho kopanela liphate. Bibele e re: “Banna le basali ba lokela ho khotsofatsana tabeng ea ho kopanela liphate.”​—1 Bakorinthe 7:3, God’s Word Bible.

Meeli e behiloeng tabeng ea ho kopanela liphate

Molimo o lumeletse hore batho ba nyalaneng ebe bona feela ba kopanelang liphate, joalokaha Baheberu 13:4 e bontša: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila, kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.” Banyalani ba lokela ho tšepahallana ’me ba phelele boitlamo ba bona . Ho e-na le ho batla ho khotsofatsa litakatso tsa bona tsa boithati, ba thaba haholo ha ba sebelisa molao-motheo oa Bibele o reng: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”​—Liketso 20:35.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela