Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 63
  • Na Jesu o Ile a Shoela Sefapanong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Jesu o Ile a Shoela Sefapanong?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Na Ruri Jesu o Shoeletse Sefapanong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na Sefapano se Loketse Bakreste?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lebaka Leo ka Lona Bakreste ba ’Nete ba sa Sebeliseng Sefapano Borapeling
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Seo Lerato la Molimo le se Bolelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 63

Na Jesu o Ile a Shoela Sefapanong?

Karabo ea Bibele

Batho ba bangata ba nka hore sefapano ke lona letšoao le ka sehloohong la Bokreste. Empa Bibele ha e hlalose hore na Jesu o shoetse nthong e joang, kahoo ha ho na motho ea tsebang hantle hore na e ne e shebahala joang. Leha ho le joalo, Bibele e fana ka bopaki bo bontšang hore Jesu ha a shoela sefapanong empa o shoetse thupeng.

Hangata Bibele e sebelisa lentsoe la Segerike stau·rosʹ ha e bua ka ntho eo Jesu a shoetseng ho eona. (Matheu 27:40; Johanne 19:17) Le hoja liphetolelo tse ling li atisa ho fetolela lentsoe lena e le “sefapano,” litsebi tse ngata li lumela hore ha e le hantle le bolela “thupa e otlolohileng.”a Ho latela A Critical Lexicon and Concordance to the English and Greek New Testament, “ha ho mohla [stau·rosʹ] e bolelang lithupa tse peli tse fapakaneng.”

Bibele e boetse e sebelisa lentsoe la Segerike xyʹlon ka tsela e tšoanang le eo e sebelisang lentsoe stau·rosʹ ka eona. (Liketso 5:30; 1 Petrose 2:24) Lentsoe lena le bolela “patsi,” “lepolanka,” “thupa” kapa “sefate.”b Kahoo, The Companion Bible e re: “Ha ho letho Segerikeng sa [Testamente e Ncha] le fanang ka maikutlo a mapolanka a mabeli.”

Na Molimo o oa thaba ha batho ba sebelisa sefapano borapeling?

Crux simplex ke lentsoe la Selatine le bolelang thupa e sebelisetsoang ho fanyeha senokoane

Ho sa tsotellehe hore na Jesu o shoetse nthong e joang, lintlha le litemana tse latelang tsa Bibele li bontša hore ha rea lokela ho sebelisa sefapano borapeling.

  1. Molimo ha a amohele borapeli bo etsoang ho sebelisoa litšoantšo kapa matšoao ho akarelletsa le sefapano. Molimo o ile a laela Baiseraele hore ba se ke ba sebelisa “sebōpeho se tšoantšetsang ntho leha e le efe” borapeling, ’me le Bakreste ba laetsoe hore ba “balehele borapeli ba litšoantšo.”​—Deuteronoma 4:15-19; 1 Bakorinthe 10:14.

  2. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ha baa ka ba sebelisa sefapano borapeling.c Bakreste bohle ba lokela ho latela lithuto le mohlala oa baapostola.​—2 Bathesalonika 2:15.

  3. Ho sebelisoa ha sefapano borapeling ho simolohile boheteneng.d Lilemo tse makholo ka mor’a lefu la Jesu, ha likereke li se li khelohile lithuto tsa hae, litho tse ncha tsa kereke “li ile tsa lumelloa ho boloka matšoao a tsona a bohetene,” ho akarelletsa le sefapano. (The Expanded Vine’s Expository Dictionary of New Testament Words) Leha ho le joalo, Bibele ha e lumele hore ho sebelisoe matšoao a bohetene ho sokolla batho.​—2 Bakorinthe 6:17.

a Sheba Khatiso ea Boraro ea New Bible Dictionary, e hlophisitsoeng ke D. R. W. Wood, leqepheng la 245; Theological Dictionary of the New Testament, Volume VII, leqepheng la 572; The International Standard Bible Encyclopedia, Revised Edition, Volume 1, leqepheng la 825; le The Imperial Bible-Dictionary, Volume II, leqepheng la 84.

b Sheba The Expanded Vine’s Expository Dictionary of New Testament Words, leqepheng la 1165; Khatiso ea Borobong ea A Greek-English Lexicon, e ngotsoeng ke Liddell le Scott, leqepheng la 1191-​1192; le Theological Dictionary of the New Testament, Volume V, leqepheng la 37.

c Sheba Encyclopædia Britannica ea 2003, tlas’a “Cross”; The Cross​—Its History and Symbolism, leqepheng la 40; le The Companion Bible, Oxford University Press, sehlomathiso sa 162, leqepheng la 186.

d Sheba The Encyclopedia of Religion, Volume 4, leqepheng la 165; The Encyclopedia Americana, Volume 8, leqepheng la 246; le Symbols Around Us, leqepheng la 205-​207.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela