Lipaki Tsa Jehova li Kae ka Palo Lefatšeng Lohle?
Le bala palo ea Lipaki Tsa Jehova joang?
Batho ba bolelang litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo ke bona feela ba baloang palong ea Lipaki Tsa Jehova. (Matheu 24:14) Palong ena ho kenyelelitsoe Lipaki tse kolobelitsoeng hammoho le batho ba es’o kolobetsoe empa ba bolela litaba tse monate.
Na motho o lokela ho ntša monehelo e le hore a baloe e le e mong oa Lipaki?
Che. Ho ntša monehelo ha se eona ntho e etsang hore motho a baloe e le e mong oa Lipaki kapa hore a fuoe mosebetsi kapa tokelo e itseng ka har’a mokhatlo oa rona. (Liketso 8:18-20) Ha e le hantle ha motho a ntša monehelo, taba eo e tsejoa ke eena a le mong. Paki e ’ngoe le e ’ngoe e kenya letsoho mosebetsing oa rona oa lefatšeng lohle ka ho nehela ka nako, matla le lintho tsa hae ka boithatelo le ho ea ka maemo a hae.—2 Bakorinthe 9:7.
Le tseba joang hore na ke ba bakae ba ntseng ba bolella batho ba bang ka Bibele?
Khoeli le khoeli Lipaki li fana ka tlaleho ea mosebetsi oa tsona oa boboleli liphuthehong. Li fana ka tlaleho ena ka ho rata.
Phutheho e bokella litlaleho tseo ebe lipalo-kakaretso tseo li romeloa ofising ea lekala. Ofisi ea lekala e romela lipalo-kakaretso tsa naha e ’ngoe le e ’ngoe kapa tsa tšimo ea bona ntlo-kholo ea rona.
Ha selemo se seng le se seng sa tšebeletso se fela,a ho shejoa palo ea Lipaki naheng e ’ngoe le e ’ngoe selemong seo. Lipalo tsena lia kopanngoa hore ho bonahale hore na ho na le Lipaki tse kae lefatšeng lohle. Litlaleho tse eketsehileng mabapi le naha e ’ngoe le e ’ngoe li phatlalatsoa websaeteng ea rona tlas’a karolo e reng “Around the World.” Litlaleho tsena lia re khothatsa joalokaha litlaleho tse tšoanang le tsona li ne li khothatsa Bakreste ba mehleng ea pele.—Liketso 2:41; 4:4; 15:3.
Na le bala le batho ba sa ruteng batho ba bang Bibele empa ba tla phuthehong ea lona?
Le hoja re sa bale batho bana palong ea Lipaki, rea ba amohela ha ba tlile phuthehong ea rona. Boholo ba bona ba ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste sa selemo le selemo, kahoo re ka hakanya palo ea batho bana ka ho tlosa palo ea Lipaki Tsa Jehova palong ea batho ba bileng teng Sehopotsong selemong seo. Ka 2024 batho ba bileng teng Sehopotsong e ne e le ba 21 119 442.
Batho ba bangata ba thabela ho ithuta Bibele le rona mahala le hoja ba sa tle libokeng tsa rona. Ka 2024 re ile ra ithuta Bibele le batho ba ka bang 7 480 146 khoeli le khoeli ’me ba bang ba ne ba tšoareloa thuto e le sehlopha.
Ke hobane’ng ha palo ea ’muso ea hore na Lipaki li kae e le holimo ho ea lona?
Hangata ’muso o fumana palo ea batho ba malumeling a fapaneng ka ho botsa batho hore na ke ba bolumeli bofe. Ka mohlala, Lefapha la Palo ea Sechaba la United States le re ha le etsa liphuputso le amehile haholo ka hore na batho bao ba ba botsang ba re bona ke ba bolumeli bofe. Kahoo, lipalo tseo ba li fumanang li itšetlehile ka hore na batho bona ba re ke ba bolumeli bofe. Empa rona ha re bala palo ea Lipaki Tsa Jehova, re bala feela batho ba bolellang batho ba bang molaetsa oa Bibele le ba tlalehang mosebetsi oo, eseng feela batho ba ipolelang hore ke Lipaki.
a Selemo sa tšebeletso se qala ka la 1 September ho ea ho la 31 August selemong se latelang. Ka mohlala, selemo sa tšebeletso sa 2015 se ile sa qala ka la 1 September 2014 ho ea ho la 31 August 2015.