Ke Lokela ho Etsa’ng e le Hore ke be Paki ea Jehova?
Lengolong la Matheu 28:19, 20, Jesu o ile a hlalosa hore na ke mehato efe eo motho a lokelang ho e nka e le hore e ka ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Litemana tsena li bua ka lintho tseo motho a lokelang ho li etsa e le hore e ka ba morutuoa oa Kreste e leng ho bua kapa ho paka ka Jehova.
Mohato oa pele: Ithute seo Bibele e se rutang. Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba ‘etse batho ba lichaba tsohle barutuoa . . . , ba ba rute.’ (Matheu 28:19, 20) Lentsoe “morutuoa” le bolela “moithuti.” Ka Bibeleng, haholo-holo lithutong tsa Jesu Kreste ho buuoa ka lintho tseo u li hlokang e le hore u ka thaba oa ba oa phela bophelo bo khotsofatsang. (2 Timothea 3:16, 17) Re ka thabela ho u thusa ho ithuta Bibele mahala.—Matheu 10:7, 8; 1 Bathesalonika 2:13.
Mohato oa bobeli: Sebelisa lintho tseo u ithutang tsona. Jesu o ile a re batho ba ithutang ba boetse ba lokela “ho mamela lintho tsohle tseo [a ba] laetseng tsona.” (Matheu 28:20) Sena se bolela hore ha u ithuta Bibele ha e-ea lokela ho ba feela taba ea ho ithuta empa u lokela ho etsa liphetoho tseleng eo u nahanang le ho etsa lintho ka eona. (Liketso 10:42; Baefese 4:22-29; Baheberu 10:24, 25) Ba ratang litaelo tsa Jesu ba susumeletseha ho etsa qeto ea ho mo latela ka hore ba inehele ho Jehova Molimo.—Matheu 16:24.
Mohato oa boraro: Kolobetsoa. (Matheu 28:19) Ka Bibeleng kolobetso e tšoantšoa le lepato. (Bapisa le Baroma 6:2-4.) E tšoantšetsa ho shoa ha botho ba khale ’me motho a qala bophelo bo bocha. Ha u kolobetsoa u etsa bopaki ba phatlalatsa ba hore u se u phethile mehato e ’meli ea pele eo Jesu a buileng ka eona ’me u kopa Molimo hore a u fe letsoalo le hloekileng.—Baheberu 9:14; 1 Petrose 3:21.
Ke tla tseba joang haeba ke se ke loketse ho kolobetsoa?
Bua le baholo ba phutheho. Ba tla buisana le uena ho etsa bonnete ba hore u oa utloisisa hore na ho kolobetsoa ho bolela’ng, u se u qalile ho sebelisa lintho tseo u ithutang tsona le hore u se u inehetse ho Molimo ka ho rata.—Liketso 20:28; 1 Petrose 5:1-3.
Na le bana ba Lipaki ba lokela ho latela mehato ee?
Ho joalo. Re holisa bana ba rona “ka ho ba khalemela le ho ba tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang,” feela joalokaha Bibele e laela. (Baefese 6:4) Leha ho le joalo, ha ba hola ba lokela ho iketsetsa qeto ea ho ithuta, ho lumela le ho sebelisa seo Bibele e se rutang pele ba ka tšoaneleha hore ba ka kolobetsoa. (Baroma 12:2) Qetellong motho e mong le e mong o lokela ho ikhethela bolumeli.—Baroma 14:12; Bagalata 6:5.