Ke’ng e Bontšang Hore re Phela “Mehleng ea Bofelo”?
Karabo e tsoang ka Bibeleng
Bibele e hlalosa liketsahalo, maemo le lintho tseo batho ba li etsang tse bontšang ‘hore lefatše lea fela.’ (Matheu 24:3) Bibele e bitsa nako ena “mehla ea bofelo” kapa “nako ea bofelo.”—2 Timothea 3:1; Daniele 8:19.
Ke boprofeta bofe ba Bibele bo buang ka “mehla ea bofelo”?
Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho na le lintho tse ngata tse neng li tla etsahala ka nako e le ’ngoe tse bontšang hore re phela mehleng ea bofelo. (Luka 21:7) A re hlahlobeng mehlala e latelang:
Lintoa tse etsahalang lefatšeng lohle. Jesu o ile a re: “Lichaba li tla loantšana le mebuso e hlaselane.” (Matheu 24:7) Ka ho tšoanang, Tšenolo 6:4 e ile ea bua ka monna ea palameng pere ea tšoantšetso ea emelang ntoa e ‘tlosang khotso lefatšeng.’
Tlala ea bo ja likata. Jesu o ile a re: “Ho tla ba le tlala.” (Matheu 24:7) Lengolo la Tšenolo le boetse le bua ka monna e mong ea palameng pere, ea neng a tla tlisa tlala ea bo ja likata.—Tšenolo 6:5, 6.
Litšisinyeho tse kholo tsa lefatše. Jesu o ile a re ho ne ho tla ba le “litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Matheu 24:7; Luka 21:11) Litšisinyeho tsena tse kholo tsa lefatše, li ne li tla etsa hore batho ba utloe bohloko le ho bolaea batho ka bongata.
Mafu a seoa. Ho latela seo Jesu a se buileng, ho ne ho tla ba le “mafu a seoa” kapa maloetse.—Luka 21:11.
Tlolo ea molao. Le hoja batho ba ile ba etsa tlolo ea molao ka lilemo tse ngata, Jesu o ile a bolela esale pele hore mehleng ea bofelo “tlolo ea molao” e ne e tla ata.—Matheu 24:12.
Tšenyo ea lefatše. Tšenolo 11:18 e ile ea bolela esale pele hore batho ba ne ba tla ‘senya lefatše.’ Ba ne ba ke ke ba senya lefatše feela ka ho ba mabifi le ho se tšepahale empa ba ne ba tla senya tikoloho.
Boitšoaro ba batho bo ntseng bo e-ba bobe le ho feta. Ho 2 Timothea 3:1-4, Bibele e ile ea bolela esale pele hore batho “e tla ba batho ba sa leboheng le ba sa tšepahaleng, . . . ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba senyang ba bang mabitso, ba sa ithibeng, ba bohale bo tšosang le ba hloileng lintho tse ntle, e tla ba batho ba fetohelang ba bang, ba manganga, ba ikakasang.” Mekhoa e-ne e tla fetella haholo ’me ke ka hona ho thoeng “bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.”
Ho qhalana ha malapa. Ho 2 Timothea 3:2, 3, Bibele e ile ea bolela esale pele hore batho ba bangata e ne “e tla ba batho ba se nang lerato” bakeng sa malapa a bona ’me bana ba ne “ba ke ke ba mamela batsoali.”
Batho ha ba sa rata Molimo. Jesu o ile a re: “Batho ba bangata ha ba sa tla ratana.” (Matheu 24:12) O ne a bolela hore batho ba bangata ha ba sa tla hlola ba rata Molimo. Ka ho tšoanang, 2 Timothea 3:4 e re mehleng ea bofelo batho ba ne ba tla ‘rata menate ho ena le ho rata Molimo.’
Boikaketsi ba Malumeli. Ho 2 Timothea 3:5, Bibele e ile ea bolela esale pele hore batho ba ne ba tla etsa eka ba rata Molimo empa ba sa mamele melao ea hae ea boitšoaro.
Ho eketseha ha kutloisiso ea boprofeta ba Bibele. Lengolo la Daniele le ile la bolela esale pele hore “nakong ea bofelo,” batho ba bangata ba ne ba tla fumana tsebo e nepahetseng ea linnete tsa Bibele ’me ba be ba utloisise boprofeta ka tsela e nepahetseng.—Daniele 12:4, naletsana.
Mosebetsi oa ho bolela oa lefatše lohle. Jesu o ile a re: “Litaba tse monate tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle.”—Matheu 24:14.
Batho baa soma le ho iphapanyetsa bopaki. Jesu o ile a bolela esale pele hore batho ba ne ba tla iphapanyetsa bopaki bo bontšang hore bofelo bo atametse. (Matheu 24:37-39) Ho feta moo, 2 Petrose 3:3, 4 e ile ea bolela esale pele hore batho ba ne ba tla qhelela bopaki boo ka thoko ka hore ha bo pake letho le tlang ho etsahala.
Boprofeta bo phethahala kaofela. Jesu o ile a re mehla ea bofelo e tla ba phethahatso ea lintho tse etsahalang tse ileng tsa profetoa esale pele hore li tla ba teng, kaha li tla be li etsahala ka nako e le ’ngoe.—Matheu 24:33.
Na re phela “mehleng ea bofelo”?
E. Boemo ba lefatše esita le linako tseo Bibele e ileng ea bolela esale pele ka tsona, li bontša hore mehla ea bofelo e qalile ho ba teng ka 1914 e leng selemo seo Ntoa ea Pele ea Lefatše e qalileng ka sona. E le hore u bone hore na boemo ba lefatše bo bontša hore re phela mehleng ea bofelo, shebella video e latelang: Ho Tloha ka 1914 Boemo ba Lefatshe bo Ile ba Fetoha.
Ka 1914 ’Muso oa Molimo o ile oa qala ho busa leholimong ’me e ’ngoe ea lintho tsa pele tseo o ileng oa li etsa ke ho leleka Satane Diabolose le bademona ba hae leholimong ’me ha a ka a hlola a e-ba le taolo leholimong. Kahoo, matla a hae a ile a fella lefatšeng. (Tšenolo 12:7-12) Kajeno tšusumetso ea Satane e bonahala tseleng eo batho ba itšoarang le ho etsa lintho ka eona, e leng se etsang hore ‘bophelo bo be thata hape bo be kotsi.’—2 Timothea 3:1.
Batho ba bangata ba tšoenyehile ka maemo a bophelo hona joale. Ba tšoenyehile ka hore batho ha ba sa khona ho phelisana hammoho, ha ba bang ba tšoha hore batho ba tla qetella ba felisitse moloko oa batho.
Leha ho le joalo, ho na le batho ba tšoenyehileng empa ba e-na le tšepo ea hore maemo a lefatše a tla loka nakong e tlang. Ba kholisehile hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa mathata oohle a lefatše. (Daniele 2:44; Tšenolo 21:3, 4) Ka mamello ba emetse hore Molimo a phethahatse litšepiso tsa hae ’me ba khothatsoa ke mantsoe a Jesu a re’ng: “Ea mameletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla pholoha.”—Matheu 24:13; Mikea 7:7.