Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 69
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Rapela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Rapela?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thapelo ke eng?
  • Na Molimo o mametse?
  • Nka rapella eng?
  • Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Kamoo U ka Atamelang Haufi le Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 69
Moroetsana o lutse pela letamo

BACHA BAA BOTSA

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Rapela?

Phuputso e ’ngoe e bontša hore liphesente tse 80 tsa bacha ba Amerika baa rapela empa ke halofo ea bona feela e rapelang kamehla. Ho hlakile hore ba bang baa ipotsa ba re: ‘Na ho rapela ke mokhoa feela oa ho ikimolla maikutlong kapa ho akarelletsa se fetang seo?’

  • Thapelo ke eng?

  • Na Molimo o mametse?

  • Nka rapella eng?

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Thapelo ke eng?

Thapelo ke puisano ea rona le ’Mopi oa lintho tsohle. Nahana feela hore na sena se bolela’ng. Jehova o phahame haholo ho feta batho ka litsela tsohle tseo re ka li nahanang empa ha a “hole le e mong le e mong oa rona.” (Liketso 17:​27) Ha e le hantle, Bibele ena le memo ena e monate: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.”​—Jakobo 4:8.

U ka atamela haufi le Molimo joang?

  • Tsela e ’ngoe ke ka thapelo. Ke eona tsela eo u buang le Molimo ka eona.

  • Tsela e ’ngoe ke ka ho bala Bibele. Ke eona tsela eo Molimo a “buang” le uena ka eona.

Puisano ena, e leng ho rapela le ho ithuta Bibele, e tla u thusa hore u hahe setsoalle se matla le Molimo.

“Ho bua le Jehova ea Matla Ohle, ke tlotla ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a ka bang le eona.”​—Jeremy.

“Ho bolella Jehova maikutlo a ka a tebileng ka thapelo, ho etsa hore ke ikutloe ke atametse haufi le eena.”​—Miranda.

Na Molimo o mametse?

Le ha u lumela ho Molimo ebile u mo rapela, ho ka ba thata hore u lumele hore ka ’nete oa re mamela. Leha ho le joalo, Bibele e re Jehova ke “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) E boetse e re mema hore re ‘lahlele matšoenyeho ohle a rona ho eena.’ Hobaneng? ‘Hobane oa re tsotella.’​—1 Petrose 5:7.

Seo u ka nahanang ka sona: Na u ipha nako ea ho bua le metsoalle ea hao khafetsa? U ka etsa se tšoanang ha u bua le Molimo. Bua le eena khafetsa ’me u sebelise lebitso la hae e leng Jehova ha u rapela. (Pesaleme ea 86:​5-7; 88:9) Bibele ea re khothaletsa e re: “Rapelang le sa phetse.”​—1 Bathesalonika 5:17.

“Thapelo ke puisano e pakeng tsa ka le Ntate oa ka oa leholimo. Ka eona ke khona ho tšollela pelo ea ka eohle ho eena.”​—Moises.

“Ke bua le Jehova ka lintho tse tebileng tseo ke neng ke tla li bua le ’mè oa ka kapa le motsoalle ea haufi.”​—Karen.

Nka rapella eng?

Bibele e re: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo.”​—Bafilipi 4:6.

Na see se bolela hore ho lokile hore u rapelle mathata a hao? Ho joalo! Ha e le hantle Bibele e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla o tšehetsa.”​—Pesaleme ea 55:22.

Ke ’nete hore sena ha se bolele hore u tla bua ka mathata a hao feela. Chantelle ea lilemo li 23 o re: “E ne e ke ke eaba setsoalle sa ka le Jehova ke sa ’nete haeba ke ne ke lula ke mo kopa thuso feela. Ke nahana hore ho leboha Jehova e lokela ho ba nthong e tlang pele, le hore lintho tseo ke li lebohang li lokela ho ba ngata.”

Seo u ka nahanang ka sona: Ke lintho life tseo u li lebohang bophelong ba hao? Na u ka nahana ka lintho tse tharo tseo u ka lebohang Jehova ka tsona kajeno?

“Le ntho e nyenyane joaloka ho sheba palesa e ntle, e ka u susumelletsa hore u rapele Jehova ’me u mo lebohe.”​—Anita.

“Nahanisisa ka e ’ngoe ea lintho tse u khahlileng popong ea Jehova kapa temana ea Bibele eo u e ratang ’me ka mor’a moo u lebohe Jehova.”​—Brian.

Seo bacha ba bang ba se buang

Moises

“Botebo ba lithapelo tsa rona bo lokela ho tšoana le ba leoatle eseng ba letamo. Jehova o batla ho re thusa. Le hoja a tseba seo re se hlokang le pele re mo kopa sona, re ka mo bontša kamoo re mo tšepang kateng ka hore re bue le eena ho tsoa pelong.”​—Moises.

Miranda

“Thapelo e tšoana le ha e ka Jehova o tšoere thapo ka lehlakoreng le leng ha ’na ke tšoere le leng. Ha ke bolella Jehova se ka pelong ea ka, ke ee ke utloe eka ke tiisa thapo eo ’me Jehova le eena oa e tiisa, sena se etsa hore setsoalle sa rona se tiee.”​—Miranda.

Jeremy

“Haeba re sa hlokomele, re ka iphumana re rapela feela haeba ho na le ntho eo re e batlang. Empa haeba re leboha Jehova, seo se tla etsa hore re ananele sohle seo a re fileng sona ’me re ke ke ra lula re kopa feela.”​—Jeremy.

Shelby

“Ha re tsoela pele ho leboha Jehova, re tla ba batho ba ananelang. Ho leboha Jehova ka thapelo ho tla re thusa hore re bone litlhohonolofatso tseo a re fang tsona eseng mathata ao re kopanang le ona feela.”​—Shelby.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela