Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwcl sehlooho 1
  • “Ke ne ke Lula Seterateng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke ne ke Lula Seterateng”
  • Bibele e Fetola Batho
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG
  • KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG
  • MELEMO EO KE E FUMANENG
  • Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Sebelisa Lithethefatsi?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • “Ke ne ke Ichekela Lebitla”
    Bibele e Fetola Batho
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Bibele e Fetola Batho
ijwcl sehlooho 1
Antonio Jiménez o Tšimong

BIBELE E FETOLA BOPHELO BA BATHO

“Ke ne ke Lula Seterateng”

Joalokaha ho boletse Antonio Jiménez

  • Ke Hlahile ka: 1955

  • Naha ea Heso: Spain

  • Pele: Ke ne ke le Lekhoba la Lithethefatsi le la Joala, Hape ke le Mabifi

Antonio Jiménez ha a sa le monyane

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG

Batho ba bang ba nka nako e telele pele ba ithuta liphosong tsa bona. Le ’na ke e mong oa bona. Ke hlahetse le ho holela Barcelona, e leng toropo ea bobeli ho tse kholo tsa Spain. Re ne re lula sebakeng se bitsoang Somorrostro, e leng toropo e kholo e pel’a leoatle. E ne e le sebaka se tummeng ka botlokotsebe le lithethefatsi.

Lapeng re bana ba 9 ’me ke ’na ea moholo. Kaha re ne re sotlehile, ntate oa ka o ile a mpatlela mosebetsi moo ho bapaloang tenese ’me mosebetsi oa ka e ne e le ho phutha libolo. Ke ne ke le lilemo tse 10 ’me ke sebetsa lihora tse 10 ka letsatsi. Ka lebaka leo, ke ne ke sa khone ho ea sekolong joaloka bana ba bang. Ha ke le lilemo tse 14 ke ile ka sebetsa shopong ea litšepe ’me ke sebetsa ka mechini.

Antonio Jiménez o apere uniform ea sesoleng

Ka 1975, Ke ile ka kenela lebotho la sesole sa Spain le neng le le North Africa

Ka selemo sa 1975 ke ile ka bitsoa sesoleng, kaha mona Spain e ne e le tlamo ho kenela sesole. Kaha ke ne ke batla ho etsa ntho e bontšang hore ke sebete, ke ile ka kenela sesole. Ka nako eo ke ile ka kena ka matla lefatšeng la lithethefatsi le joala.

Ha ke tloha moo, ke ile ka khutlela Barcelona eaba ke etsa sehlopha sa litsotsi. Re ne re utsoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re ka e fumana. Ka mor’a moo, re ne re rekisa lintho tseo ebe re reka lithethefatsi ka chelete eo re e fumanang. Ke ile ka qala ho sebelisa LSD le amphetamines, ’me ka ba lekhoba la thobalano, joala le gambling. Bophelo bona boo ke neng ke bo phela bo ile ba etsa hore ke be mabifi le ho feta. Ke ne ke lula ke nkile thipa le selepe ’me ke ne ke sa tšabe ho li sebelisa ha maemo a lumela.

Ka letsatsi le leng ’na le metsoalle ea ka re ile ra utsoa koloi, eaba re lelekisoa ke maponesa. E ne eka ke shebile Movie. Re ile ra khanna koloi eo lik’hilomithara tse ka bang 30 feela, eaba mapolesa a qala ho re thunya. Qetellong re ile ra emisa koloi eaba re ja fatše. Ha ntate oa ka a utloa ka taba ena o ile a ntebela lapeng.

Ke ile ka phela seterateng ka lilemo tse hlano. Ke ne ke robala menyakong ea lishopo, ka har’a litraka, phakeng le mabitleng. Ke ile ka ba ka lula nakoana ka lehaheng. Ke ne ke sa bone bohlokoa ba ho phela, kahoo ke ne ke se na taba hore na kea shoa kapa kea phela. Ka nako e ’ngoe nkile ka itšeha matsoho ka lebaka la lithethefatsi. Ke ntse kena le maqeba ao le hona joale.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG

Ha ke le lilemo tse 28, ’mè oa ka o ile a mphumana eaba o nkopa hore ke khutlele lapeng. Ke ile ka mo tšepisa hore ke tla fetola bophelo ba ka, empa ho ile ha nka nako e telele pele ke phethahatsa tšepiso eo.

Ka letsatsi le leng ho ile ha fihla Lipaki Tsa Jehova tse peli. Ha ke ntse ke ba mametse, ntate oa ka o ile a nkomanya a le ka kamoreng e ’ngoe eaba ke ba koalla ka ntle. Kaha ke ne ke sa rate ho bolelloa hore na ke etseng, ke ile ka etsa eka ha ke utloe hore na ntate oa ka o ntse a re’ng. Ba ile ba mpha libuka tse tharo tse nyane, tseo ke ileng ka li thabela. Ke ile ka ba botsa hore na kereke ea bona e hokae, ka mor’a matsatsi a ’maloa ke ile ka ea Holong ea bona ea ’Muso.

Ntho ea pele eo ke ileng ka e hlokomela ke kamoo batho ba moo ba neng ba apere hantle kateng. Ka nako eo ’na ke ne ke apere liphahlo tse tsutsubaneng, ebile ke na le moriri le litelu tse telele. Ke ile ka ema kantle hobane ke ne ke bona ke sa tšoanelehe ho kena ka Holong. Ke ile ka makala haholo ha ke bona Juan, eo re neng re utsoa le eena a se a apere sutu. Ka mor’a moo ke ile ka utloa hore e ile ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova selemong se fetileng. Ha ke ’mona ke ile ka ba le sebete sa ho kena ka Holong. Ke hona moo bophelo ba ka bo ileng ba fetoha teng.

Ke ile ka lumela ho ithuta Bibele ’me ka hlokomela hore ke lokela ho fetola bophelo ba ka haeba ke batla ho amoheloa ke Molimo, ke ne ke tlameha ho tlohela mabifi le boitšoaro bo bobe. Ho ne ho se bonolo ho etsa liphetoho tse joalo. Ke ile ka ithuta hore haeba ke batla ho thabisa Jehova Molimo ke tlameha ho ‘fetola kelello [ea ka]’ (Baroma 12:2) Mosa oo Molimo a re bontšang ona o ile oa nkama haholo. Ho sa tsotellehe liphoso tseo ke li entseng, ke ne ke utloa hore o mphile monyetla oa hore ke fetohe. Seo ke ileng ka ithuta sona ka Jehova se ile sa nkama pelo. Ke ile ka hlokomela hore ho na le ’Mopi ea nkhathallang.—1 Petrose 5:6, 7.

Sena se ile sa nsusumelletsa ho etsa liphetoho. Ka mohlala ha ke utloa ke batla ho tsuba nakong eo ke ntseng ke ithuta Bibele ke ne kere, ‘haeba Jehova Molimo o batla hore ke hloeke ka ho felletseng, ha ke na tsuba!’ (2 Bakorinthe 7:1) Ke ile ka lahla lisakarete tseo.

Hape ke ne ke lokela ho tlohela ho rekisa le ho sebelisa lithethefatsi. Seo se nkile nako e telele ’me ke ne ke lokela ho itela. E le hore ke etse seo, ke ile ka khaohana le metsoalle ea ka. Lintho tseo ba neng ba li etsa li ne li sa nthuse hore ke be le kamano e ntle le Molimo. Ha nako e ntse e e-a, ke ile ka itšetleha ka Jehova le ka metsoalle eo ke ileng ka e fumana ka phuthehong e neng e ikemiselitse ho nthusa. Ba ile ba mpontša lerato le hore baa nkhathalla, ’me ha hona motho ea kileng a mpontša lintho tsena. Ka mor’a likhoeli ke ile ka tlohela ho sebelisa lithethefatsi ka ho felletseng ’me ka ‘apara botho bo bocha,’ e le hore Molimo a nkamohele. (Baefese 4:24) Ke ile ka kolobetsoa ka August 1985 ’me ka ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

Antonio Jiménez

MELEMO EO KE E FUMANENG

Bibele e nthusitse hore ke fetole bophelo ba ka. E nthusitse hore ke tlohele bophelo bo kotsi le bo neng bo etsa hore ke se ke ka ba le sereti boo ke neng ke bo phela. ’Nete ke hore batho ba fetang 30 bao e neng e le metsoalle ea ka ba se ba hlokahetse ka lebaka la AIDS le mafu a mang a tlisoang ke ho sebelisa lithethefatsi. Ke utloa ke thabile haholo hore ebe ke ile ka sebelisa melao-motheo ea Bibele ’me ka qoba liphello tseo tse bohloko.

Hona joale ha ke sa tsamaea ka thipa le selepe tseo ke neng ke tsamaea ka tsona ha ke sa ntse ke le mabifi. Ke ne ke sa nahane hore ka letsatsi le leng ke tla tsamaea ka Bibele le ho e sebelisa hore ke thuse batho ba bang. Hona joale ’na le mosali oa ka re tšebeletsong ea nako e tletseng.

Batsoali ba ka ha se Lipaki empa ba thabela ho bona kamoo ho ithuta Bibele ho ileng ha nthusa kateng. Ka letsatsi le leng ntate oa ka o ile a buella Lipaki Tsa Jehova ka pel’a basebetsi-’moho le eena. O ne a hlokometse hore bolumeli boo ke bo khethileng bo fetotse bophelo ba ka. ’Mè oa ka o ne a rata ho re nkabe ke ile ka ithuta Bibele khale. Ke lumellana le eena haholo!

Ke ithutile hore ha ho thuse ho ithabisa ka lintho tse kang lithethefatsi le lintho tse ling tse kang tseo. Hona joale ke thabisoa ke ho bolella batho ba bang seo Bibele e se rutang e leng lithuto tse nthusitseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela