Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 140
  • Jesu o Pholosa Batho Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Pholosa Batho Joang?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Seo re Tlamehang ho se Etsa Hore re Pholosoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Lumela Hore ke Tsona Feela Tse Tla Pholosoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Re Tlameha ho Etsa Eng e le Hore re Pholosoe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Poloko Seo e Hlileng e se Bolelang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 140
Jesu o pota-potiloe ke batho ba merabe eohle

Jesu o Pholosa Batho Joang?

Karabo ea Bibele

Jesu o ile a pholosa batho ba tšepahalang ha a ne a nehela bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo. (Matheu 20:​28) Bibele e re ke “Mopholosi oa lefatše.” (1 Johanne 4:​14) E boetse e re: “Ha ho poloko ho mang kapa mang e mong, kaha ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo leo ho fanoeng ka lona har’a batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.”​—Liketso 4:12.

Jesu o ile a “latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong” ea bontšang tumelo ho eena. (Baheberu 2:9; Johanne 3:​16) Ka mor’a moo, “Molimo a mo tsosa bafung,” ’me Jesu a khutlela leholimong e le sebopuoa sa moea. (Liketso 3:​15) Kahoo, Jesu “o khona le ho pholosa ka ho feletseng ba atamelang Molimo ka eena, hobane o phela kamehla ho ba kopela ka tieo.”​—Baheberu 7:25.

Ke hobane’ng ha re hloka hore Jesu a re kopele?

Ke hobane kaofela re baetsalibe. (Baroma 3:​23) Sebe se etsa hore ho be le lekhalo lipakeng tsa rona le Molimo, ’me se lebisa lefung. (Baroma 6:​23) Jesu ke ’muelli oa ba bontšang tumelo sehlabelong sa hae sa thekollo. (1 Johanne 2:1) O ba kopela hore Molimo a utloe lithapelo tsa bona le hore a ba tšoarele libe ka sehlabelo sa hae sa thekollo. (Matheu 1:​21; Baroma 8:​34) Molimo o araba likopo tsena tsa Jesu hobane li etsoa tumellanong le thato ea hae. Molimo o rometse Jesu lefatšeng “hore lefatše le pholosoe ka eena.”​—Johanne 3:17.

Na ho lumela ho Jesu ke eona feela ntho e tla re pholosa?

Che. Le hoja re lokela ho lumela ho Jesu e le hore re pholohe, ho na le lintho tse ngata tseo re lokelang ho li etsa. (Liketso 16:​30, 31) Bibele e re: “Joalokaha ’mele o se nang moea o shoele, kahoo le tumelo e se nang mesebetsi e shoele.” (Jakobo 2:​26) Hore re pholohe, re lokela:

  • Ho ithuta ka Jesu le Ntate oa hae Jehova.​—Johanne 17:3.

  • Ho ba le tumelo ho bona.​—Johanne 12:​44; 14:1.

  • Ho bontša tumelo ka ho mamela litaelo tsa bona. (Luka 6:​46; 1 Johanne 2:​17) Jesu o ile a re ha se motho e mong le e mong ea mo bitsang “Morena” ea tla pholoha empa ke ea “etsang thato ea Ntate [oa hae] ea maholimong.”​—Matheu 7:21.

  • Ho bontša tumelo le ha ho le thata. Jesu o ile a hlakisa sena ha a ne a re: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.”​—Matheu 24:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela