Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 91
  • Ke lokela ho etsa’ng ha lithaka tsa ka li sa nthate?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke lokela ho etsa’ng ha lithaka tsa ka li sa nthate?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke hobane’ng ha batho ba batla ho ratoa?
  • Lintho tseo u lokelang ho li tseba
  • Nka Fumana Metsoalle e Ntoketseng Hokae?
    Tsoha!—2011
  • Ke Hobane’ng ha Lithaka tsa ka li sa Nkamohele?
    Tsoha!—1991
  • Ke Hobane’ng ha ke Tšaba ho Bolella ba Bang Seo ke se Lumelang?
    Tsoha!—2009
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntumelle ho Ithabisa?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 91
Moshanyana e mong o lutse a le mong hobane lithaka tsa hae ha li mo rate

BACHA BAA BOTSA

Ke Lokela ho Etsa’ng ha Lithaka Tsa ka li sa Nthate?

“Ha u sa tšoane le batho ba bang, u ke ke oa ba le metsoalle, bophelo ba hao bo tla bora ’me u tla utloa eka ha u na bokamoso bo chabileng. Batho bohle ba tla lebala ka uena hape u tla ikutloa u se na mang oe.”​—Carl.

Na taba ee eo Carl a e buang ke ho feteletsa litaba? Mohlomong. Empa batho ba bang ba ka etsa eng kapa eng e le hore feela ba se ke ba iphumana ba le boemong boo Carl a buileng ka bona. Na u ka etsa joalo? Sehlooho sena se tl’o u thusa hore na u ka etsa’ng e le hore u be le metsoalle.

  • Ke hobane’ng ha batho ba batla ho ratoa?

  • Lintho tseo u lokelang ho li tseba

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Ke hobane’ng ha batho ba batla ho ratoa?

  • Ke hobane ha ba batle ho khetholloa. “Ka letsatsi le leng, ke ile ka bona lifoto tsa metsoalle ea ka Inthaneteng. Ba ne ba intšitse ba sa ntjoetsa. Taba ena e ile ea etsa hore ke ipotse hore na ebe ke eng e phoso ka ’na. Ke ile ka nyahama haholo ’me ka nahana hore mohlomong ha ba batle ho ba le ’na ebile ha ba mpatle.”​—Natalie.

    NAHANA KA TABA ENA: Na u se u kile oa utloa eka batho ba itseng ha ba rate ho ba le uena? Na ho na le ntho eo u ileng oa e etsa e le hore u ka ba e mong oa bona? Haeba e teng, u ile oa etsa’ng?

  • Ke hobane ba batla ho tšoana le batho ba bang. “Batsoali ba ka ha ba batle ha ke ba le fono. Bana ba bang baa ’makalla ha ba batla linomoro tsa ka ’me ke ba bolella hore ha ke na fono. Joale ha ke ba joetsa hore ke lilemo li 13, teng ba bona ke le sono le ho feta.”​—Mary.

    NAHANA KA TABA ENA: Ke lintho life tseo batsoali ba hao ba u thibelang hore u se ke oa li etsa tse etsang hore u ikutloe u fapane le bana ba bang? U ikutloa joang ka lintho tseo?

  • Ke hobane ha ba batle ho hlorisoa. “Bana bao ke kenang sekolo le bona ha ba rate batho ba sa etseng lintho joaloka bona, ba sa bueng joaloka bona le ba nang le borapeli bo fapaneng. Batho ba bangata baa hlokomela ha u sa etse lintho joaloka bona ’me ba nka monyetla ka hore ba u hlorise.”​—Olivia.

    NAHANA KA TABA ENA: Na batho ba se ba kile ba u tšoara hampe hobane feela u sa tšoane le bona? U ile oa sebetsana joang le taba eo?

  • Ke hobane ha ba batle ho lahleheloa ke metsoalle ea bona. “Ke ile ka fetola seo ke leng sona e le hore feela nka ba karolo ea sehlopha se itseng. Ke ne ke se ke fetotse le tsela eo ke buang ka eona. Ka linako tse ling ke tšeha leha ke utloa ntho e sa qabole. Hape ke ne ke kenella ha bana ba bang ba utloisa ba bang bohloko le hoja ke tseba hantle hore ntho eo e tl’o ba utloisa bohloko.”​—Rachel.

    NAHANA KA TABA ENA: U nka ho le bohlokoa hakae ho ratoa ke lithaka tsa hao? Na u se u kile oa fetola tsela eo u etsang lintho ka eona le eo u buang ka eona e le hore feela li u rate?

Lintho tseo u lokelang ho li tseba

  • Ka linako tse ling ha u etsisa batho ba bang e le hore ba u rate, ba ke ke ba u rata. Hobane’ng? Hobane hangata batho baa hlokomela ha u leka ho iketsa seo u seng sona. Brian ea lilemo li 20 o re: “Ha ke leka ho iketsa seo ke seng sona, bana ba tlelase ea ka ha ba thabele ho ba le ’na. Ke ithutile hore ho molemo ho lula u le ka tsela eo u leng ka eona hobane batho baa hlokomela ha u leka ho ba seo u seng sona.”

    NTHO E MOLEMO EO U KA E ETSANG: Nahana ka hore na ke’ng eo e leng ea bohlokoa ho uena. Bibele e re: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.” (Bafilipi 1:​10) Kahoo ipotse, ‘Ntho ea bohlokoa ke’ng ho ’na, na ke ho ratoa ke batho bao boitšoaro ba bona bo sa tšoaneng le ba ka kapa ke ho lula ke le kamoo ke leng kateng?’

    “Ho leka ho iketsa motho eo u seng eena ha ho na thuso. Ho ke ke ha etsa hore batho ba bang ba u rate kapa ha etsa hore u be motho oa bohlokoa.”​—James.

  • Ho batla ho ratoa ke batho ho ka etsa hore u se ke oa khona ho ntša maikutlo a hao. Ho ka etsa ho re u amehe ka ho thabisa batho ba bang le hore u be seo ba batlang hore u be sona. Jeremy o re: “Ke ne ke etsa eng kapa eng e le hore feela ke be karolo ea sehlopha se itseng le haeba taba eo e ne e bolela hore ke lokela ho etsa lintho tse ntšenyang lebitso. Taba ena e ne e etsa hore batho ba bang ba ntaole. Ke ile ka ba popoiki ea bona.”

    NTHO E MOLEMO EO U KA E ETSANG: Ho e-na le ho re u tšoane le lempetje le lulang le fetoha, ho molemo ho re u phele ka melao ea boitšoaro eo u e tsebang ho e-na le ho phela ka ea batho ba bang. Bibele e re: “U se ke ua latela bongata bakeng sa sepheo se sebe.”​—Exoda 23:2.

    “Ke ile ka rata lintho tsohle tseo ba neng ba li rata, ’mino, lipapali, liphahlo, mananeo a thelevishene le lintho tseo ba itlotsang ka tsona . . . ke ile ka iketsa seo ke seng sona. Ke nahana hore batho ba ile ba bona hore ke ikhakantse. Ha e le hantle, batho bohle ba ne ba tseba ’me le ’na ke ne ke tseba. Ke ile ka qetella ke se ke sa itsebe hape ke lula ke hlorile. Ke ne ke se ke sa tsebe hore na ha e le hantle ke rata eng le hore na ha ke batle eng. Ke ile ka ithuta hore u ke ke oa ba motsoalle oa motho e mong le e mong ’me ha se batho bohle ba tla u rata. Taba ena ha e bolele hore ha oa lokela ho etsa metsoalle empa u lokela ho hopola hore ho nka nako ho tseba hore na hantle-ntle u batla’ng le hore u be le mamello ha u etsa metsoalle.”​—Melinda.

  • Ho batla ho ratoa ke batho ho ka fetola boitšoaro ba hao. Mocha e mong ea bitsoang Chris o ile a bona ha sena se etsahala ka motsoala oa hae. O re: “Motsoala oa ka o ile a qalella ho etsa lintho tseo a neng a sa tloaela ho li etsa, tse kang ho sebelisa lithethefatsi e le hore feela metsoalle ea hae e ka mo rata. O ne a sa a li lemalletse hoo bophelo ba hae bo ileng ba batla bo senyeha.”

    NTHO E MOLEMO EO U KA E ETSANG: Qoba ho ba le batho ba bontšang ka liketso le ka seo ba se buang ho re ha ba hlomphe melao ea Molimo. Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”​—Liproverbia 13:20.

    “Ka linako tse ling ke ntho e ntle ho etsa boiteko ba hore u be le metsoalle kapa u ratoe. Empa ha oa lokela ho etsa lintho tseo u tsebang hore li fosahetse moo u batlang hore feela u ratoe ke batho. Metsoalle e hantle e tla u rata ka tsela eo u leng ka eona.”​—Melanie.

    Keletso: Ha oa lokela ho etsa metsoalle le batho ba ratang lintho tse tšoanang le tseo u li ratang feela. Etsa metsoalle le batho ba lumelang lintho tseo u li lumelang le ba phelang ka melao ea boitšoaro eo u phelang ka eona.

    Ngoanana o apere liphahlo tse sa mo tšoaneleng

    Ha se liphahlo tsohle tse ka u tšoanelang. Ka ho tšoanang, ha se batho bohle ba ka lumellanang le melao ea boitšoaro eo u phelang ka eona

Seo bacha ba bang ba se buang

Emma

“U lokela ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho ba itseng ba sa u rate. Na ha ba u rate hobane feela ba sa phele ka melao ea boitšoaro e tšoanang le eo u phelang ka eona? Haeba ho joalo, u lokela ho thaba.”​—Emma.

Noah

“Ho e-na le hore u tšoenyehe haholo ka hore u ratoe ke batho, ho molemo hore u qete nako u sebetsa ka thata hore u be le makhabane a matle. Haeba u le mosa ho batho ba bang, batho bao u ka batlang hore e be metsoalle ea hao ba tla atamela ho uena.”​—Noah.

Dominique

“Ha ke etsa metsoalle, ntho ea pele eo ke e etsang ke ho batlisisa hore na e rata’ng le hore na e ikutloa joang ka lintho tse ngata. Ho e-na le hore ke fetole seo ke leng sona, kea amohela hore ba ka fapana le ’na ka maikutlo le ka tsela eo ba bonang lintho ka eona. ’Me taba ena e nthusitse hore ke e etse metsoalle le batho ba mefuta eohle.”​—Dominique.

Na u sa hopola? Ke hobane’ng ha batho ba sa nthate?

Ke’ng seo e leng sa bohlokoa ho uena?

Ntho ea bohlokoa ke’ng ho ’na, na ke ho ratoa ke batho bao boitšoaro ba bona bo sa tšoaneng le ba ka kapa ke ho lula ke le kamoo ke leng kateng?

Loana ka thata hore u be le makhabane ’me u se ke oa soabela seo u leng sona.

U se ke oa tšoana le lempetje, le lulang le fetoha

U se ke oa tloaelana le batho bao lipuo tsa bona li fosahetseng le liketso tsa bona li se nang boitšoaro.

Ho leka ho etsa metsoalle ha hoa fosahala, empa u se ke oa etsa lintho tse fosahetseng feela hobane o batla ho ba le metsoalle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela