LITEMANA TSA BIBELE LIA HLALOSOA
Pesaleme ea 46:10—“Tlohelang, ’me le Tsebe Hoba ke ’na Molimo”
“Ineheleng ’me le tsebe hore ke ’na Molimo. Ke tla tlotlisoa har’a lichaba. Ke tla tlotlisoa lefatšeng.”—Pesaleme ea 46:10, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
“Tlohelang, ’me le tsebe hoba ke ’na Molimo o busang lichaba, o busang lefatše!”—Pesaleme ea 46:10, Bibele ea Sesotho
Tlhaloso ea Pesaleme ea 46:10
Molimo o batla hore batho bohle ba mo rapele le hore ba tsebe hore o na le tokelo ea ho laola lefatše. Motho e mong le e mong ea batlang ho phela ka ho sa feleng, o lokela ho lumela hore Molimo o na le matla le tokelo ea bolaoli.—Tšenolo 4:11.
“Ineheleng ’me le tsebe hore ke ’na Molimo.” Liphetolelo tse ling tsa Bibele li hlalosa karolo e qalang ea polelo ena ka ho re “tlohelang.” Sena se ile sa baka ho se utloisisane kaha se fana ka mohopolo oa hore ke taelo ea hore ho tholoe ka kerekeng. Ho e-na le hoo, polelo ea Seheberu “ineheleng ’me le tsebe hore ke ’na Molimo” ke taelo e tsoang ho Jehovaa Molimo e eang ho batho ba lichaba tsohle, hore ba tlohele ho mo hanyetsa ’me ba amohele hore ke eena feela ea lokeloang ke ho rorisoa.
Taelo e tšoanang e fumaneha ho Pesaleme ea bobeli. Lengolong leo, Molimo o tšepisa ho nka khato khahlanong le ba mo hanyetsang. Ka lehlakoreng le leng, ba elang hloko bolaoli ba Molimo ba itšetlehile ka eena hore a ba tataise a ba fe matla le bohlale. “Ba balehelang ho eena,” baa thaba ebile ba ikutloa ba sireletsehile, haholo ha ba e-na le mathata.—Pesaleme ea 2:9-12
“Ke tla tlotlisoa har’a lichaba. Ke tla tlotlisoa lefatšeng.” Nakong e fetileng Jehova Molimo o ne a rorisoa ha a sebelisa matla a hae a maholo ho sireletsa batho ba hae. (Exoda 15:1-3) Nakong e tlang, o tla rorisoa haholo ke motho e mong le e mong ea mo rapelang le ea mamelang bolaoli ba hae.—Pesaleme ea 86:9, 10; Esaia 2:11.
Tlaleho ea Pesaleme ea 46:10
Buka e ’ngoe ea lipatlisiso e re Pesaleme ea 46 ke “pina e rorisang matla a Molimo ea sireletsang bahlanka ba hae.” Ha bahlanka ba Jehova ba ne ba bina Pesaleme ea 46, ba ne ba bontša hore ba tšepile hore Jehova o tla ba sireletsa a be a ba thuse. (Pesaleme ea 46:1, 2) Mantsoe a eona a ne a ba hopotsa hore Jehova o ne a lula a e-na le bona.—Pesaleme ea 46:7, 11.
E le hore bahlanka bao ba Jehova ba ka matlafatsa tšepo ea bona ea hore Jehova Molimo o na le matla a ho ba sireletsa, mopesaleme o ile a ba khothaletsa hore ba nahanisise ka lintho tse hlollang tseo Molimo a li entseng. (Pesaleme ea 46:8) Seo se ne se ba lemosa hore Molimo o na le matla a ho felisa lintoa. (Pesaleme ea 46:9) Haele hantle Jehova o ile a felisa lintoa mehleng ea Bibele ka hore a sireletse bahlanka ba hae khahlanong le lira tsa bona. Bibele e tšepisa hore haufinyane Molimo o tla felisa lintoa lefatšeng.—Esaia 2:4.
Na Jehova o ntse a thusa bahlanka ba hae le kajeno? Ho joalo, moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste hore ba itšetlehe ka Jehova ha ba hloka thuso. (Baheberu 13:6) Mantsoe a hlahang ho Pesaleme ea 46 a matlafatsa tšepo ea rona ea hore Molimo o na le matla a ho re sireletsa. Mantsoe ao a boetse a re thusa hore re talime Molimo e le “setšabelo sa rona le matla a rona.”—Pesaleme ea 46:1.
Shebella video e khutšoanyane e latelang e akaretsang lengolo la Lipesaleme.
a Lebitso la Molimo ke Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Sheba sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”