Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfs sehlooho 12
  • Ke Ile ka Phahamisetsoa Boemong bo Phahameng Haholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Ile ka Phahamisetsoa Boemong bo Phahameng Haholo
  • Lipale Tsa Bophelo Tsa Lipaki Tsa Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hotse ke Ikhulanya
  • Jehova e Ile ea E-ba Ntate oa ka
  • Ke Ile ka Phahamisetsoa Holimo
  • Jehova o Ile a Mphahamisa
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
  • Ke Leboha Tšehetso e sa Hlōleheng ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Bone ha Batho ba Tšepahalang ba Atleha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Ntho e Bohloko ho Feta—AIDS
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Lipale Tsa Bophelo Tsa Lipaki Tsa Jehova
lfs sehlooho 12
Jay Campbell o bososetse a lutse ka har’a wheelchair ea hae.

JAY CAMPBELL | PALE EA BOPHELO

Ke Ile ka Phahamisetsoa Boemong bo Phahameng Haholo

Ke ne ke le litlhong haholo ha ke sa le ngoana. Ke ne ke rata ho lula ka tlung moo ke sa bonoeng ke batho hape hangata ke ne ke ikutloa eka ha ke na thuso. Ke ne ke sa rate ho kopana le batho, ke tšaba hore ba tla ntšoara hampe. E reng ke le bolelle pale ea ka.

Ka letsatsi le leng khoeling ea August 1967, ke ne ke ntse ke phetse hantle joaloka matsatsi a mang empa ka tšohanyetso ke ile ka ba le mocheso o phahameng. Ka nako eo, ke ne ke e-na le selemo le likhoeli tse tšeletseng. Letsatsi le latelang ha ke tsoha maoto a ka a ne a sitoa ho ntjara. Ke ile ka isoa sepetleleng se seng se Freetown e Sierra Leone moo ke neng ke lula teng, ho ile ha fumanoa hore ke ne ke tšoeroe ke polio. Polio ke lefu le tšoaetsanoang le etsang hore motho a sitoe ho tsamaisa litho tse itseng tsa ’mele oa hae ’me hangata le tšoara bana ba lilemo li hlano ho ea tlaase. Lingaka ha lia ka tsa khona ho nthusa ka bothata bona. Butle-butle ke ile ka qetella ke se ke sa khone ho ema kapa ho tsamaea. Hangata, ntate oa ka o ne a re ke ngoana ea sa fellang ka lebaka la bokooa ba ka. Kaha ke ne ke khona ho khasa feela, ke ne ke bona eka nke ke ka khona ho etsa lintho tse ngata ebile ke ikutloa ke se na thuso.

Ke Hotse ke Ikhulanya

Ke ne ke lula le ’mè oa ka jareteng e nang le malapa a mang a futsanehileng joaloka rona. Le hoja batho ba bang ba ne ba nthata, ke ne ke labalabela ho ratoa ke ntate oa ka empa o ne a sa nthate. Batho ba bang ba ne ba nahana hore ke louoe, batho bana ba ne ba khothaletsa ’mè oa ka hore a ntšiee monyako oa lehae le hlokomelang bana ba phelang le bokooa. Ba ne ba re a etse joalo e le hore a se ke a imeloa ke ho ntlhokomela. ’Mè oa ka o ile hana ho etsa joalo eaba o sebetsa ka thata hore a ntlhokomele.

Jay ha a ntse a le monyane a lutse setuloaneng sa mapolanka se nang le mabili.

Ke ne ke sa tsebe ho tsamaea le ho ema, kahoo, ke ne ke isa matsoho aka pele ebe ke ikhula ka ho pheshisa ’mele. Ntho eo e ne e etsa hore ke tsoe maqeba. E le hore ke itšireletse ke ne ke apara liaparo tse entsoeng ka lesela le boima ebe matsohong ke kenya lieta tse butsoeng. Hamorao ke ile ka sebelisa mapolanka hobane a ne a ntšireletsa hantle ho feta lieta. Ha ke tsamaea, ke ne ke beha mapolanka ka pele, ke itšoareletsa ka ’ona ebe kea ikhula. Matsoho le mahetla a ka a ne a lula a ingoetsoe haholo kaha le ho ikhula hanngoe feela e ne e le mosebetsi. Ka lebaka leo, ke ne ke sa batle le ho tsoa ka jareteng, ke sa khone ho ea sekolong le ho bapala le bana ba bang. Ke ne ke ipotsa hore na ebe ke tla etsa joang haeba ’mè oa ka a ka hlokahala.

Ke ile ka rapela Molimo hore a nthuse hore ke se ke ka ba mokopa-kopa. Ke ne ke utloa eka ha nka sebeletsa Molimo, ea e-ba motsoalle oa ka, o ne a tla ntlhokomela. Ka lebaka la seo, letsatsi le leng ka 1981, le hoja ke ne ke opeloa, ke ile ka tsoa ka jareteng eaba ke ea kerekeng ea pel’a moo ke neng ke lula teng. Tsela eo batho ba ileng ba ncheba ka eona ha ke ne ke le kerekeng e ile ea etsa hore ke ikutloe ke sa phutholoha. Moruti ha aa ka a nkamohela ’me o ile a omanya ’mè oa ka hore ebe ke lutse litulong tse neng li patalletsoe ke batho ba bang. Ke ile ka etsa qeto ea hore nke ke ka hlola ke le beha moo.

Jehova e Ile ea E-ba Ntate oa ka

Hoseng ho hong ka 1984 ha ke ne ke le lilemo li 18, ke ile ka ea mokatong o ka holimo, ka lula fensetereng moo ke neng ke tloaetse ho lula teng. Ke ne ke sheba lintho tse etsahalang ka ntle ha ke le moo empa mohlang oo ke ile ka etsa qeto ea ho ea ka ntle moo ho lulang ho se na batho. Ke moo ke ileng ka kopana le bo-ntate ba babeli ba neng ba bolela litaba tse monate ka ntlo le ntlo. Ba ile ba mpolella hore nako e tlang lintho li tla loka ’me ke tla fola eaba ba bala Esaia 33:24 le Tšenolo 21:3, 4. Ka mor’a moo ba mpha buka e ntle e mebala-bala ea Thabela Bophelo Lefatšeng! ba ntšepisa hore ba tla khutla ba tl’o nthuta lintho tse ling.

Eitse ha ba fihla ba re ba tla tla le moromuoa ea sa tsoa fihla ea bitsoang Pauline e le hore ke tsoele pele ho ithuta le eena. Ba ile ba feela ba etsa joalo. ’Na le ’mè Pauline re ile ra utloana hoo e neng eka ke ’mè oa ka. ’Mè oa ka o ile a nkhothalletsa hore ke tsoele pele ke ithuta Bibele le ’mè Pauline eo e neng eka ke ’mè oa ka ea mocha. ’Mè Pauline o ne a nthata haholo a e-na le mamello, a le mosa, a tsotella hore na ho etsahala’ng bophelong ba ka a bile a lula a ntlhoela. O ile a nthuta ho bala a sebelisa Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele, ke eona tsela eo ke ileng ka kopana le Ntate oa ka eo esale ke ’matla.

Moromuoa e mong eo ho thoeng ke Pauline o ile a nthuta Bibele

Ke ile ka thaba haholo ka lebaka la lintho tseo ke ithutileng tsona ka Bibeleng. Ke ile ka botsa ’mè Pauline hore na nka ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova moo ho neng ho etsoa Thuto ea Buka ea Phutheho ka nako eoa ha Paki e ’ngoe e neng e sa lule hole haholo le lapeng. ’Mè Pauline o ile a lumela. Ka Labobeli la liboka, o ile a tla a nkemela hore ke hlape re tsebe ho ea libokeng ’moho. Motho e mong o ile a re ke re ’mè Pauline a mpatalle tekesi empa ke ile ka re: “A.a! Ke tla fihla ka mapolanka ana a ka.”

Nakong eo re neng re tsamaea, ’mè oa ka le baahelani ba bang ba ne ba nchebile eka ba nkutloetse bohloko. Ha re tsoa ka jareteng, baahelani ba bang ba ile ba hoelehetsa eaba ba re: “Oa mo qobella!”

’Mè Pauline o ile a bua ka bonolo a re: “Jay, ’na ke tla bona ka uena.” Ena e ne e le nako ea ho bontša hore ke tšepa Jehova. (Liproverbia 3:5, 6) Ke ile ka re: “Kea tla. Ke batla ho ea.” Baahelani bona bao ba ile ba qala ho nthoholetsa.

Ke ile ka natefeloa hona hoo ha ke le libokeng. Ho ne ho le monate ona o tsoang ka litsebe, ba ile ba nkamohela hamonate. Ha ho na motho ea ileng a nkhella fatše. Ke ne ke ikutloa ke lokolohile, kahoo, ke ile ka ea libokeng khafetsa. Ka mor’a nakoana, ke ile ka mo botsa hore na nka ea libokeng tse neng li tšoareloa Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Ke ne ke le mofutsana, ke na le mese e ’meli feela le para e le ’ngoe ea lieta. Leha ho le joalo, ke ne ke kholisehile hore batho ba Molimo ba ke ke ba nchebela fatše, le joale ha baa ka ba etsa joalo.

Holo ea ’Muso e ne e lutse tlas’a leralla, hore ke fihle moo, ke ne ke lokela ho ea qetellong ea seterata seo re neng re lula ho sona ebe ke palama tekesi e ntšieang holong. Ha ke fihla moo, bara ba bo rona ba ne ba nkuka ebe ba nkisa ka holong.

Ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova hobane ke bone hore o molemo. Ke ile ka itjoetsa hore ke se ke tla ea libokeng kamehla. (Pesaleme ea 34:8) Nakong ea lipula ke ne ke fihla libokeng ke le metsi ke bile ke le liretse empa taba eo, e ne e sa ntšoenye.

Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1985 e ile ea bua ka boemo bona ba ka. Morali’abo rona Josette ea lulang Switzerland o ile a bala pale ea ka bukeng eo ea selemo. Ka mor’a moo o ile a susumeletseha ho nthekela wheelchair e ntle e nang le malente, e ne e na le mabili a mararo e khannoa ka matsoho hape e na le lintho tse e sireletsang hore e se ke ea ba liretse. Ke ne ke se ke sa soabele ho ea moo ke batlang. Bana ba banyane ba ne ba thaba ha ba mpona ba bile ba re ba rata wheelchair ea ka e majaba-jaba. Wheelchair ena ea ka e ne e mpehile boemong bo holimo, ke ikutloa eka ke mofumahali ebile ke hlompheha.

Ke Ile ka Phahamisetsoa Holimo

Kaha ke ne ke se ntse ke itšoere hantle, ke se na le lintho tse ngata bophelong, ho sebeletsa Molimo ha ea ka ea ba ntho e thata. Ke ne ke ikela tšimong hamonate ka wheelchair ea ka. Ka la 9 August 1986, ke ile ka kolobetsoa. Ka mor’a hore ke kolobetsoe, bophelo ba ka bo ile ba fetoha ’me ke ile ka ikutloa ke thabile ho feta kamoo ke neng nka nahana kateng. Ke ile ka thaba, ka ba ka khotsofala, ka ikutloa hore le ’na ke motho ka ba le boitšepo hobane ke ne ke se ke na le Ntate ea nthatang ebile ke na le bara le barali ba bo rona ba nthatang e le kannete ebile ba ntsotella.

Jay o thabetse ho ba le metsoalle.

Ke ne ke batla ho bontša Jehova hore ke ananela lintho tseo a nketselitseng tsona, kahoo, ka nahana ka ho ba pula-maliboho ea kamehla empa ke ne ke sa kholiseha hore ke tla khona. (Pesaleme ea 116:12) Joale ka rapella taba eo eaba ka la 1 January, 1988, ke qala ho ba pula-maliboho ea kamehla ’me le hona joale ke ntse ke e-s’o khaotse. Jehova o ile a ntlhohonolofatsa ka lebaka la sena. Ke na le bara le barali ba bo rona ba nthusang hore ke finyelle lihora tsa khoeli. Kea hlokomela hore Jehova o ntšehelitse ka moea oa hae o halalelang.—Pesaleme ea 89:21.

Ke ne ke ea libakeng tse ngaka joaloka pula-maliboho e ’ngoe le e ’ngoe, kahoo, maoto a ka a ile a ba betere le hoja a ne a sa fola. Ha nako e ntse e ea, ka ea tleliniking e ’ngoe e ncha e neng e qeta ho buloa ke lumela hore ba tla nthusa ho koetlisa maoto ana a ka. Leha ho le joalo, e mong oa baoki moo, o ile a re ke se ke ka itšotla le ho itšotla ka ho tla hobane e se khale ke tl’o shoa. Ha basebetsi-’moho le eena le bona ba cho joalo, sena se ile sa ’nyahamisa haholo. Kahoo, eitse ha ke fihla hae ka rapela Jehova ’me ka mo bolella hore ke ikutloa ke nyahame, ka mo kopa hore a ntšelise.

Ha ke le tšimong, ke ne ke thaba haholo. Ho ea tšimong ho ne ho nthusa hore ke koetlise ’mele. Lilemo hamorao, e mong oa baoki ba ileng ba ntjoetsa hore ke sentse ke tl’o shoa o ile a feta Holong ea ’Muso ’me a mpona, a makatsoa ke hore ke ntse ke phela le lena le holimo.

Ho sa tsotellehe boemo ba ka ke lula ke sebeletsa Jehova, bara ba bo rona ba lula ba mpabatsa ka lebaka la hore kea cheseha le ka hore ke tla libokeng ka nako. Ke lula ke loanela ho tla ka nako hobane sena se mpha nako ea ho lumelisa bara le barali ba bo rona le ho ba bontša hore kea ba tsotella.

Ke bone hore Jehova o molemo ebile o ntlhohonolofalitse, ke ile ka khona ho thusa batho ba bararo hore ba kolobetsoe. E mong oa bona e leng Amelia, o ile a ea sekolong sa Gileade tlelaseng ea bo137. Sekolo sa Bo-pula-maliboho ke mpho e babatsehang e tsoang ho Jehova, ke se ke ile ho sona ka makhetlo, Jehova o ntsositse molota, ke ikutloa ke le motho ebile ke se ke na le boitšepo. Hona joale batho ba se ba ntlhompha. Ha ke sa itšoabela. Ke na le metsoalle hohle mona Sierra Leone, ke cho le lefatšeng ho pota.

Jay Campbell o bososetse a lutse ka har’a wheelchair ea hae.

Ho se ho fetile lilemo tse ka bang 40 joale esale ke ithuta ka tšepiso ea Molimo ea hore lefatšeng le lecha, Jehova o tl’o tla a folisa batho ba nang le bokooa. Tšepiso ena e ntse e nkhothatsa le hona joale ’me ke lebelletse ka tjantjello hore e phethahale. Ke ikemiselitse ho leta hobane kea tseba hore Jehova Molimo a ke ke a lieha. (Mikea 7:7) Ka lebaka la hore ke emetse Jehova ka mamello hore a phethahatse tšepiso ena ea hae, o ntse a tsoela pele ho ntlhohonolofatsa. Jehova o se a nthusitse hore ke hlole mathata a mangata le liteko, o lula a nthusa ka nako e loketseng. Ke thabile e le kannete ’me ke lula ke bososela hobane Jehova o ntlositse boemong ba ka bo tlaase eaba o mphahamisetsa holimo moo ke neng nke ke ka nahana hore nka ba teng.

a Hona joale ho se ho thoe ke Thuto ea Bibele ea Phutheho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela