WARREN REYNOLDS | PALE EA BOPHELO
Ke Motlotlo Hore Ebe ke Khethile Mosebetsi o Nepahetseng
Ka hare ho moru karolong e ka thoko e leboea-bophirima Australia, re lutse mollong le bara le barali ba bo rona ’me re ntse re bua kamoo Jehova a re hlohonolofalitseng kateng. Ka makhetlo a mangata, ke ile ka lula mollong o kang ona ke le linaheng tse fapaneng le batho ba buang lipuo tse fapaneng. Ka ’nqane ho lelakabe ke bona molekane oa ka eo ke mo ratang a bososela. Re bile le liphihlelo tse monate ha re ntse re thabela ho sebeletsa Jehova hammoho. Re ne re sebetsa libakeng tseo le ka mohla ke neng nke ke ka nahana ho ea ho tsona. Ha e le hantle, ha ke le mocha nka be ke ile ka khetha ho phela ka tsela e fapaneng. E re ke hlalose hore na joang.
Ke holetse mahaeng a Australia. Batsoali ba ka le batsoali ba bona ba ile ba ithuta linnete lilemong tsa bo-1950. Ke qalile ho ea tšebeletsong ea tšimo ha ke le lilemo li tšeletseng ’me ka kolobetsoa ha ke le lilemo li 13. Ke ne ke atisa ho nkela bopula-maliboho bo thusang ha likolo li koetsoe. Ke ne ke rata Jehova ebile ke batla ho mo sebeletsa ka ho sa feleng.
Na le batsoali ba ka le banab’eso ba bane
Ha ke le lilemo li 15, bakoetlisi ba ka sekolong ba ile ba bona hore kea ipabola lipapaling. Ka lebaka leo, baemeli ba babeli ba league ea sehlopha sa rugby ba ne ba batla ho mpha lihlapiso tsa lipapali. Ke ne ke khalletse ho ba sebapali se hloahloa sa rugby empa joale ke ne ke se ke inehetse ho Jehova. Ntate oa ka o ile a nkhothalletsa hore ke nahanisise ka tšepiso eo ke ileng ka e etsetsa Jehova pele nka etsa qeto ea ho tsoela pele ka lipapali. Ke ile ka etsa joalo ’me ka hlokomela hore nke ke ka atleha ho sebeletsa Jehova le ho tsoela pele ka lipapali. Kahoo, ke ile ka hana monyetla oo. Likhoeling tse latelang, mokhatlo ao lipapali oa Australian Institute of Sport o Canberra o ne o batla ho mpha lihlapiso. Sepheo e ne e le hore ke ikoetlisetse lebelo la mokoka e le hore ke tle ke emele Australia lipapaling tsa Linaha Tsa Selekane kapa lipapaling tsa liolimpiki. Le lekhetlong lena ke ne ke ntse ke batla ho phethahatsa tšepiso eo ke ileng ka e etsetsa Jehova hobane ke mo rata. Kahoo, ke ile ka hana.
Nakoana ka mor’a hore ke qete sekolong, ke ile ka ba pula-maliboho, e leng ntho eo esale ke batla ho e etsa ho tloha khale. Leha ho le joalo, lelapa leso le ne le e-na le mathata a lichelete kahoo ke ile ka tlohela ho ba pula-maliboho ’me ka sebetsa polasing. Ke ne ke le haufi le ho qeta lilemo tse 20 ’me ka nako eo ke ne ke se ke lula ke le mong. Ke ne ke ntse ke sebeletsa Jehova empa ke se ke ea ka hlooho feela. Ke ne ke nyahame ebile ke se ke se na kamano e ntle le Jehova. Ke ile ka etsa qeto e fosahetseng ea ho ba le metsoalle e neng e tahoa ebile e na le boitšoaro bo hlephileng ’me ke ne ke se ke batla ho e etsisa. Ke ile ka hlokomoloha setsoalle sa ka le Jehova ’me ka etsa lintho tse neng li nthabisa ka nako eo.
Ke ne ke batla ho etsa lintho ka tsela e nepahetseng kahoo ke ile ka tloha sebakeng seo ka ea motseng o mong o hole le tšusumetso ea metsoalle eo ke neng ke e-na le eona. Kamano ea ka le Jehova e ile ea ntlafala ’me ke ne ke se ke batla ho ba pula-maliboho hape. Ke ile ka kopana le Leann McSharry, e leng ngoanana ea tsoang mahaeng ea lihlong eo e neng e se e ntse e le pula-maliboho ’me re ile ra ba metsoalle. Re ile ra buisana ka lipakane tsa rona ’me ka bobeli re ne re batla ho ba baromuoa. Re ile ra nyalana ka 1993 ’me ka bobeli re ne re batla hore Jehova a re tataise.
Ho Hahamalla Lipakane Tsa Rona
Selemong seo, le ’na ke ile ka ba pula-maliboho ea kamehla. Re ne re ikemiselitse ho phela bophelo bo bobebe le bo se nang likoloto, ke kahoo re ileng ra reka caravan ’me ra lula ka ho eona. Ka lilemo tse tšeletseng, re ile ra ea hohle moo mokhatlo oa Jehova o neng o batla hore re ee teng ’me ra etsa mesebetsi e fapaneng ea boipheliso. Re ne re sebetsa tšimo le liphutheho tse nyenyane Queensland ’me tšimo eo e ne e le hole hape e le libakeng tse omelletseng tse ka thoko. Hangata re ne re paka caravan ea rona libakeng tse ka thoko ebile re tšoarela liboka lepalapaleng kapa holong ea sechaba. Re ne re thabile empa re ipotsa hore na re ntse re ka khona ho etsetsa Jehova ho eketsehileng. Hamorao re ile ra fumana karabo.
Moo re neng re tšoaretse liboka ha re le tšimong e ka ntle karolong e thoko ea Australia
Mokhatlo oa Jehova o ile oa re mema hore re be baromuoa naheng e ’ngoe. Leha ho le joalo, re ne re tšohile ebile re ikutloa re sa tšoanelehe, hobane re ne re sa ea Sekolong sa Gileade. Re ne re rata tšebeletso ea rona empa kaha re ne re se na lithuto tsa Bibele tse ngata moo re neng re sebeletsa teng, re ne re ikutloa eka ha re mesuoe e hloahloa.
Re ile ra bolella Mor’abo rona Max Lloyd, eo e neng e le setho sa Komiti ea Lekala hore na re ikutloa joang.a O ile a re kholisa hore le hoja re ikutloa re sa tšoanelehe, Jehova o tla re fa matla ao re a hlokang e le hore re etse sohle seo a se batlang. O ile a re eletsa ka tsela eo motsoali ea lerato a neng a ka eletsa bana ba hae kahoo re ile ra amohela kabelo ea ho ea Sri Lanka.
Mathata a Kabelo ea Rona
Ka 1999, re ile ra fihla Colombo, e leng motse-moholo oa Sri Lanka. Bophelo ba mona bo ne bo fapane haholo le ba mahaeng a Australia, moo ho neng ho rena khotso. Ho ne ho e-na le tšubuhlellano ea batho, bofutsana, ntoa ea lehae, mekopa-kopa ’me ho buuoa lipuo tse thata. Ka lehlakoreng le leng, bara le barali ba bo rona ba ratehang le batho ba bangata ba ikokobelitseng ba neng ba e-so ithute ka Jehova, e ne e le letlotlo ho rona ha re le Sri Lanka.
Re ile ra abeloa ho sebeletsa Kandy. Ke toropo e ntle e holim’a sehlaba e pota-potiloeng ke masimo a tee le meru. Toropo ena e tsebahala ka litempele tse ngata tsa Mabuddha. Ke batho ba seng bakae feela sebakeng seo ba tsebang ka ’Mopi oa bona ea lerato. Phutheho ea rona e ne e e-na le bara le barali ba bo rona ba buang Sesinhala le Setamil ’me liboka li ne li tšoaroa ka lipuo tseo li le peli. Ho ithuta Sesinhala ho ne ho le thata. Re ne re qabola ha re ne re leka ho se bua empa phutheho ea rona le lithuto tsa rona tsa Bibele li ne li ananela boiteko boo re bo etsang.
Bara ba bo rona ba buang Sesinhala le Setamil ba nthusa ho toloka ha ke ntse ke fana ka puo Sri Lanka
Ho ithuta puo e ne e se bona bothata ba rona bo ka sehloohong. E ne e le lekhetlo la pele bophelong ba rona re hlorisoa ka sehloho. Ka lekhetlo le leng, letšoele la banna le halefileng le ile la re bokanela. Ba bang ba ile ba chesa lingoloa tsa rona, ha ba bang ba ile ba re raha ba ba ba re otla, ’na le mor’abo rona e mong. Ketsahalong ena e tšosang, re ile ra rapela Jehova hore a re thuse ho khoba matšoafo le hore a re hopole haeba re ka shoa. Re ile ra imoloha haholo ha banna bao ba tsamaea. Re ne re thothomela ha re tloha motseng oo empa re ile ra leboha Jehova ka tšireletso ea hae.
Ha nako e ntse e ea, re ile ra ikutloa re le lapeng ha re le Sri Lanka. Ho sa tsotellehe ntoa e neng e arotse sechaba, re ile ra thaba ha re bona Jehova a hulela batho ba neng ba lapetse ’nete ka lelapeng la hae le momahaneng. Re thaba haholo ha re hopola nako eo re e qetileng re le sehleke-hlekeng sena se setle. Ka masoabi, ka mor’a lilemo tse peli, ba boholong pusong ba ile ba itumella ho hatelloa ke baeta-pele ba bolumeli ’me baromuoa ba bangata ba ile ba tlameha ho tloha naheng eo.
Libeke ka mor’a moo, re ne re ferekane ebile re utloile bohloko. Re ne re ipotsa hore na re tla ea hokae. Sehlopha se Busang se ile sa re abela ho ea Papua New Guinea. Re ile ra fihla motse-moholo Port Moresby ka September 2001.
Papua New Guinea—Naha e Hlollang
Le hoja Papua New Guinea e le haufi le Australia, tsela eo batho ba moo ba phelang ka eona le setso sa bona li fapane haholo. Le lekhetlong lena re ne re lokela ho fetoha le maemo. Re ile ra tlameha ho ithuta Setok Pisin, e leng e ’ngoe ea lipuo tse buuoang haholo ho tse fetang 800 tse buuoang naheng eo!
Ka mor’a lilemo tse tharo re le toropong ea Popondetta, re ile ra abeloa mosebetsi oa potoloho. Re ne re e-s’o ka re nahana hore Jehova a ka re sebelisa ka tsela eo. Haesale ke ananela tataiso le bokhoni ba balebeli ba potoloho ba ho ruta empa ke ne ke ikutloa ke sa tšoanelehe ho ba molebeli oa potoloho. Le ka mohla, ke ne ke e-s’o nahane ka ho ba molebeli oa potoloho. Ke ntse ke hlolletsoe hore ebe Jehova o ile a mpha tokelo ena e khethehileng.
Ha ke ntse ke hlophisa litlaleho tse eang lekaleng ka mor’a ho etela sehlopha se Papua New Guinea
Ha ke ntse ke hlophisa litlaleho tse eang lekaleng ka mor’a ho etela sehlopha se Papua New Guinea
Hangata re ne re lula re e-na le motlakase, metsi le kamore e nang le bethe litoropong tseo re neng re li etela. Leha ho le joalo, libakeng tse mahaeng re ne re se na lintho tsena. Re ne re robala ka mekhorong e menyenyane, re phehela fatše, re hlapela linokeng empa haeba likoena li le teng re ne re kha metsi ebe re il’o hlapela hae.
Kabelo ena e ne e hloka hore re be matla ho feta kabelo leha e le efe e ’ngoe eo re kileng ra ba ho eona. Empa re ne re kholisehile hore haeba re ‘ea ka matla ao re nang le ’ona,’ Jehova o tla re atlehisa. (Baahloli 6:14) Ho ne ho le thata ho fihla liphuthehong le lihlopheng tse ngata tseo re neng re li etela, hobane li ne li arohane haholo li le ka merung e teteaneng, mekhoabong e pel’a leoatle le lithabeng. Re ne re tsamaea ka likoloi tse phahameng, likepe, lifofane empa hangata re ne re tsamaea ka maoto e le hore re fumane bara le barali ba bo rona.b
Leann o ne a ikemiselitse ho tobana le mathata a neng a hlaha tšimong
Ha re etela phutheho e haufi le moeli oa Indonesia, re ne re lokela ho khanna lik’hilomithara tse fetang 350 tseleng e lepoqo. Ka makhetlo a fetang 200 tseleng eo, re ile ra tšela melatsoana le linoka tse neng li e-na le marokho a seng makae. Ho theosa le lilemo, re ile ra qeta lihora tse ngata re qaholla ebile re sututsa koloi ea rona ho e ntša liretseng e le hore qetellong re fihle ho bara le barali ba bo rona ba re emetseng ba thabile ba bile ba re phehetse.
Ho ne ho le thata ho khanna Papua New Guinea
Ha re etela metse e holimo haholo lithabeng, re ne re tsamaea ka sefofane se senyenyane. Mofofisi o ne a ee a shebe moo maru a sa teteanang e le hore a shebe sebaka seo a ka emisang sefofane ho sona. Ka mor’a moo, o ne a se fofisetsa tlase e le ho sheba hore ha ho na bana kapa liphoofolo. Re ne re lokela ho itokisa hobane re ne re tseba hore sefofane se tl’o lula holim’a thaba e bophahamo ba limithara tse 2 100 le hona tseleng e liretse le e likoti. Ka linako tse ling, tsela feela ea ho tloha metseng eo e hole, e ne e le ho tloha ka sefofane se tsamaeang tselaneng e kolumelang ka selomong.c
Ka linako tse ling, re ne re tsamaea lithabeng tse phahameng haholo kapa mekhoabong e pel’a leoatle ebile ho chesa haholo. Re jere mekotla ea rona e tšetseng lingoloa le lintho tseo re tla li hloka. Kaha re ne re tsamaea le bara le barali ba bo rona, re ne re e-ba le monyetla oa ho khothatsana le ho tšeha hammoho.
Ha re le Nokeng ea Keram, Papua New Guinea, re ea tšimong
Re ile ra lumellana le maikutlo a moapostola Pauluse a hlahang ho 1 Bathesalonika 2:8, a reng: “Re ne re ikemiselitse . . . ho tela bophelo ba rona e le hore re le thuse hobane re le rata haholo.” Re ile ra bona hore bara le barali ba bo rona le bona ba ikemiselitse ho etsa se tšoanang. Ba ne ba ikemiselitse ho tela bophelo ba bona hore ba re sireletse khahlanong le likebekoa tse hlometseng. Ka le leng, Leann o ile a tšosoa ke monna ea neng a tšoere thipa e kholo. Ke ne ke sa khone ho mo thusa hobane ke ne ke le ka lehlakoreng le leng la motse. Ka potlako, mor’abo rona e mong o ile a ema pakeng tsa Leann le monna eo. Mor’abo rona o ile a pholoha a e-na le maqeba a fokolang, kaha ba bang ba ile ba matha ba tšoara monna eo. Le hoja tlolo ea molao e ne e ntse e eketseha naheng eo, Jehova o ile a lula a re tšehelitse e le hore bara le barali ba bo rona ba ka hlokomeloa moeeng.
Kaha Papua New Guinea litšebeletso tsa bongaka lia fokola, ho ne ho le thata ho hlokomela bophelo ba rona. Ka 2010, Leann o ile a tšoaroa ke lefu le neng le behile bophelo ba hae kotsing ’me re ile ra ea Australia ho fumana litšebeletso ka potlako. Ka thuso ea Jehova re ile ra lula re khobile matšoafo. Qetellong, lingaka li ile tsa fumana pheko. Ngaka e ’ngoe e ile ea re: “Haesale u sebeletsa Molimo. Hona joale oa u thusa.” Ka mor’a likhoeli tse ngata re ile ra khutlela kabelong ea rona.
Mosebetsi o Mongata oo re Lokelang ho o Etsa Australia
Selemong se latelang, re ile ra lokela ho lula re khutlela Australia, e le hore Leann a ka tsoele pele ho fumana thusa ea lingaka. Qetellong ka 2012, re ile ra khothalletsoa ho lula Australia e le hore re be haufi le lingaka. Ka mor’a ho qeta lilemo tse ngata re le sieo Australia, bothata boo re neng re e-na le bona e ne e se hore re lule re phetse hantle feela. Re ne re boetse re lokela ho fetola tsela eo re nahanang ka eona e le hore re lule re thabile. Re ne re utloile bohloko haholo ha re lokela ho tlohella tšebeletso ea rona le bara le barali ba bo rona bao re neng re ba rata haholo. Re ne re ikutloa eka re hlolehile ebile re utloa eka ha re sa na thuso ho Jehova. Ka mor’a ho ba sieo ka lilemo tsena tse ngata, ho ne ho le thata hore re utloe eka Australia ke lapeng. Re ne re hloka tšehetso ea bara le barali ba bo rona.
Ka mor’a hore Leann a fole, re ile ra sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng Wollongong, ka boroa ho Sydney, New South Wales. Ka mor’a selemo kapa ho feta, re ile ra thabela ho fumana memo ea ho ea Sekolong sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste (seo hona joale se bitsoang Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso). Ka mor’a moo, lekala la Australasia le ile la re abela ho etsa mosebetsi oa potoloho. Ho theosa le lilemo, re ile ra etela liphutheho le lihlopha litoropong tse phetheselang, litoropong tse mahoatateng le metseng ea batšoasi ba litlhapi. Hona joale kabelo ea rona e akarelletsa lehoatata le ka leboea-bophirima ho Australia le Timor-Leste kaofela ha eona.
Ha re le tšimong Timor-Leste
Ke lula ke tšehelitsoe ke mosali oa ka ea ikemiselitseng ho sebeletsa Jehova, eo e leng letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa leo ke neng nka le kopa ho Jehova. Ha ho mohla Leann a kileng a hana kabelo leha e le efe, ho sa tsotellehe hore na maemo a moo a thata hakae. E le ho hlalosa hore na o sebetsana le mathata a hae joang, o ile a re: “Ke bolella Jehova ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Joale ha a bala Lentsoe la Molimo, o lumella Jehova hore a mo tataise tseleng eo a nahanang, a ikutloang le eo a etsang lintho ka eona.
Ha ke e-s’o ikoahlaee hore ebe ke ile ka lumella Jehova hore a re tataise bophelong, ho e-na le ho hahamalla ho ba sebapali se hloahloa lefatšeng. Ke ithutile hore Jehova a ka re koetlisetsa ho etsa ntho leha e le efe eo a e batlang haeba re amohela mosebetsi oo a re fang oona. Ha ke tobane le mathata kapa ke lokela ho etsa liqeto, ke ithutile hore ke lokela ho rapela pele. Ntate oa rona Jehova, o re hlohonolofalitse ka bophelo bo khotsofatsang le bo monate ’me re labalabela ho bona hore na a ka boela a finyella eng a sebelisa “lijana tsa letsopa” joaloka rona.—2 Bakorinthe 4:7.
a Pale ea bophelo ea Max Lloyd e hlaha ho Molula-Qhooa oa July 15, 2012, maqephe 17-21.
b Bala tlaleho ea ha re etela phutheho e ’ngoe potolohong ea rona ka sekepe e hlahang ho Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2011, maqephe 130-134.
c Bala sehlooho se reng “Totoma ea Likorale Tsa Leoatle Marung” ho Molula-Qhooa oa March 1, 2010, maqephe 16-17.