Naletsana
b Peto e etsahalang lenyalong e etsahala ha monna a koebetella mosali oa hae ’me a mo qobella hore a kopanele likamano tsa botona le botšehali le eena. Banna ba bang ba ka ’na ba lumela hore “matla a bolaoli” ao moapostola Pauluse a bolelang hore monna o na le oona holim’a ’mele oa mosali oa hae ke a feletseng. Leha ho le joalo, hape Pauluse o ile a bolela hore ‘banna ba tlameha ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona.’ Moapostola Petrose o bolela hore banna ba lokela hore ba ‘nehe basali tlhompho kaha ke lipitsa tse fokolang batho ba batšehali.’ Sena ha se fane ka monyetla oa pefo kapa likamano tsa botona le botšehali tse qobelloang.—1 Ba-Korinthe 7:3-5, NW; Ba-Efese 5:25, 28, 29; 1 Petrose 3:7, NW; Ba-Kolosse 3:5, 6; 1 Ba-Thessalonika 4:3-7.