Naletsana
b Hase libuka tsohle tse ngotsoeng ka letsoho tse fumanoeng Leoatleng le Shoeleng tse neng li lumellana hantle hakaalo le taba e ngotsoeng Bibeleng e ntseng e le teng. Tse ling li ne li bontša phapang e khōlō tabeng e ngotsoeng. Leha ho le joalo, liphapang tsena ha li bolele hore moelelo oa mantlha oa taba e ngotsoeng o sothiloe. Ho latela Patrick W. Skehan oa Univesithi ea K’hatholike ea Amerika, boholo ba tsona bo emela “ho hlophisoa bocha [ha taba e ngotsoeng ka Bibeleng] motheong oa hore na e utloahala hakae ka hare, hoo sebopeho sa eona e bang se atolositsoeng empa ’moko-taba o lula o tšoana . . . Boikutlo bo susumetsang seo ke ba tlhompho ea borapeli e pepenene bakeng sa taba e ngotsoeng e talingoang e le e halalelang, boikutlo ba ho hlalosa (kamoo re ka ho behang kateng) Bibele ka Bibele ha ho fetisoa taba e ngotsoeng ka boeona.”8
Mohlalosi e mong oa phaella: “Ho sa tsotellehe lipelaelo tsohle, ’nete e khōlō e-ea sala ea hore taba e ngotsoeng eo re nang le eona hona joale, ka kakaretso, e emela hantle mantsoe a sebele a bangoli bao, ba bang ba bona, ba phetseng hoo e ka bang lilemo tse likete tse tharo tse fetileng, ’me ha rea lokela ho ba le khoao e tebileng ea ho silafatsoa ha litaba tsa eona mabapi le hore na molaetsa oo Testamente ea Khale e ka re fang oona ke oa ’nete hakae.”9