Naletsana
a Leetsi phi·leʹo, le bolelang “ho ba le kameho e mofuthu ka, ho ba le maikutlo a lerato, kapa ho rata (ho kang boikutlo boo motho a ka bang le bona ka motsoalle ea haufi kapa ngoan’abo),” le sebelisitsoe ka makhetlo ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Mofuta o mong oa lentsoe stor·geʹ, kapa lerato la batho ba tsoalanang haufi, o sebelisitsoe ho 2 Timothea 3:3 ho bontša hore lerato leo le ne le tla haella haholo matsatsing a ho qetela. Eʹros, kapa lerato le susumetsoang ke khoheli e teng pakeng tsa batho ba bong bo fapaneng, ha e eo ka Mangolong a Segerike a Bakreste, le hoja ho buuoa ka lerato la mofuta oo ka Bibeleng.—Liproverbia 5:15-20.