Naletsana
a Sena ha se bolele hore batho ba u hanyetsang ba laoloa ke Satane ka ho toba. Empa Satane ke molimo oa tsamaiso ena ea lintho, ’me lefatše lohle le rapaletse matleng a hae. (2 Bakorinthe 4:4; 1 Johanne 5:19) Kahoo re ka lebella hore batho ba bangata ba ke ke ba rata hore u phele ka tsela e khahlisang Molimo, ebile ba bang ba tla u hanyetsa.