Naletsana
a Ha mofetoleli oa Bibele Joseph Rotherham, a bua ka lichaba tsa Kanana, tseo Baiseraele ba neng ba etsisa boitšoaro ba tsona, o re: “Borapeli ba tsona bo ne bo khotsofatsa litakatso tsa nama feela bo bile bo le sehlōhō ka tsela e makatsang. Basali ba ne ba tela boitšoaro ba bona bo botle moo ba habileng ho tlotlisa melimo ea bona. Libaka tsa bona tse halalelang e ne e le matlo a matekatse. Litho tsa botona le botšehali li ne li tšoantšetsoa pepenene ke liemahale tse nyonyehang. Batho ba ne ba e-na le matekatse a halalelang . . . , a banna le basali.”