Naletsana
a Hore ebe Jonase o ne a tsoa motseng o mong oa Galilea hoa thahasellisa hobane ka boikakaso Bafarisi ha ba bua ka Jesu, ba ile ba re: “Batla ’me u bone hore ha ho moprofeta ea tla hlahisoa Galilea.” (Joh. 7:52) Bafetoleli le bafuputsi ba bangata ba re Bafarisi ba ne ba re ho hang ha ho na moprofeta ea kileng a hlahela kapa hona ho hōlisetsoa motseng oa boemo bo tlaase oa Galilea. Haeba ho le joalo, banna bao ba ne ba iphapanyetsa histori hammoho le boprofeta.—Esa. 9:1, 2.