Naletsana
a Ka bobeli Apocrypha (eo ha e le hantle e bolelang, “ntho e patiloeng”) le Pseudepigrapha (eo ha e le hantle e bolelang, “libuka tseo ka phoso li nkoang e le karolo ea mangolo”) ke libuka tsa Sejuda tse neng li sebelisoa ho tloha lekholong la boraro la lilemo B.C.E. ho fihlela lekholong la pele la lilemo C.E. Kereke ea Roma e K’hatholike e nka Apocrypha e le karolo ea mangolo a halalelang a bululetsoeng a Bibele, empa Bajuda le Maprostanta ba hana libuka tsena. Hangata Pseudepigrapha li ngotsoe ka tsela e hlalosang lipale tsa Bibele ka botlalo, ’me li ngotsoe ka lebitso la motho e mong ea tummeng oa Bibele.