Naletsana
b Jehova o na le lehloeo le tšoanang. Ka mohlala, Baefese 4:29 e hlalosa hore puo e lihlong ke “polelo e bolileng.” Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng bakeng sa “e bolileng” ka ho toba le bolela tholoana, tlhapi kapa nama e senyehileng. Lentsoe le joalo le bontša ka ho hlaka hore re lokela ho nyonya ka botebo polelo e hlapaolang kapa e litšila. Ka tsela e tšoanang, hangata Mangolo a hlalosa hore litšoantšo ke lintho “tse nyonyehang.” (Deuteronoma 29:17; Ezekiele 6:9) Kaha ka tlhaho re nyonya manyala, kapa mantle, sena se re thusa ho utloisisa kamoo Molimo a nyonyang kateng borapeli bohle ba litšoantšo.