Naletsana
a E ka ’na eaba mantsoe ana a bua ka mokhoa o sa tobang ka mesebetsi ea molaoli oa thaba ea tempele e Jerusalema. Nakong ea litebelo tsa bosiu, o ne a tsamaea tempeleng ho bona hore na balebeli ba eona ba Balevi ba ne ba falimehile kapa ba robetse mesebetsing ea bona. Molebeli leha e le ofe ea neng a fumanoa a robetse o ne a shapuoa ka thupa, ’me liaparo tsa hae tsa ka ntle li ne li ka ’na tsa chesoa e le kotlo ea ho mo hobosa.