Naletsana
c Ho latela saense, re sebelisa mantsoe a fosahetseng ha re re “ha letsatsi le chaba” le “ha letsatsi le likela.” Empa puong ea letsatsi le letsatsi, mantsoe ana aa amoheleha ebile a nepahetse, ha re nahana hore na re bona lefatše re le hokae. Ka ho tšoanang, Joshua o ne a sa bue ka botsebi ba linaleli; o ne a mpa a tlaleha liketsahalo kamoo a neng a li bona kateng.