Naletsana
a Ha e hlalosa mokhoa ona oa boholo-holo, The Holy Bible, With an Explanatory and Critical Commentary, e hlophisitsoeng ke F. C. Cook, ea hlalosa: “Sena se ne se etsoa ka hore motho a lahlele khauta, silevera, kapa mahakoe ka har’a metsi, ebe oa a hlahloba; kapa ka ho sheba ka har’a metsi joalokaha motho a icheba seiponeng.” Christopher Wordsworth, e leng mohlalosi oa Bibele o re: “Ka linako tse ling senoelo se ne se tlatsoa metsi, ’me karabo e ne e fanoa ka setšoantšo se neng se hlahisoa ke letsatsi ka har’a metsi a ka senoelong.”