Naletsana
a Le hoja liphetolelo tse ngata tsa Bibele li fetolela lentsoe la Seheberu ’eʹrets e le “naha” eseng e le “lefatše,” ha ho na lebaka la ho re ’eʹrets e hlahang ho Pesaleme ea 37:11, 29 e bolela feela naha e neng e filoe sechaba sa Iseraele. Buka e bitsoang Old Testament Word Studies ea William Wilson e hlalosa hore ’eʹrets ke “lefatše ka kutloisiso e pharalletseng, e bolelang likarolo tseo ho ahuoang ho tsona le tseo ho sa ahuoeng ho tsona, empa ha le sebelisoa ka tsela e sa pharallang, le bolela karolo e itseng ea lefatše, e leng naha kapa mobu.” Kahoo, moelelo oa pele le o ka sehloohong oa lentsoe lena la Seheberu ke lefatše lena la rōna.—Bona Molula-Qhooa oa January 1, 1986, leqepheng la 31.