Naletsana
a Jesu o ile a re: “Tumellanong le hoo, le phethahale, joalokaha Ntat’a lōna oa leholimo a phethahetse.” (Mat. 5:48) Ho hlakile hore o ne a utloisisa hore esita le batho ba sa phethahalang, e ka ba ba feletseng, kapa ba phethahetseng ka tsela e lekanyelitsoeng. Re ka phethahatsa taelo ea ho rata batho ba bang haholo, kahoo re khahlise Molimo. Leha ho le joalo, Jehova o phethahetse ka ho feletseng. Ha lentsoe “botšepehi” le sebelisoa ho eena, le boetse le akarelletsa ho phethahala.—Pes. 18:30.