Naletsana
a Mali a phoofolo eo ho etsoang sehlabelo ka eona a ne a e-na le matla a ho koahela libe ’me ho Molimo a ne a halalela. (Levitike 17:11) Na seo se bolela hore linyehelo tsa mafutsana tse etsoang ka phofo li ne li se na thuso? Le hanyenyane. Ka sebele, Jehova o ne a khahloa ke boikokobetso le boikemisetso ba batho ba neng ba etsa linyehelo tsa mofuta oo. Ho feta moo, libe tsa sechaba sohle—ho akarelletsa le tsa mafutsana—li ne li koaheloa ka mali a liphoofolo tse neng li nyeheloa ho Molimo selemo le selemo ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe.—Levitike 16:29, 30.