Naletsana
b Levitike 19:18 e re: “U se ke ua iphetetsa kapa ua jara bara ba batho ba heno ka pelo; ’me u rate oa heno joalokaha u ithata.” Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba lumela hore ha ho ne ho thoe “bara ba batho ba heno” le “oa heno” ho ne ho buuoa ka Bajuda feela. Molao o ne o hloka hore Baiseraele ba lule ba arohile lichabeng tse ling. Leha ho le joalo, o ne o sa tšehetse maikutlo a neng a khothalletsoa ke baeta-pele ba bolumeli ba lekholong la pele la lilemo, e leng a hore batho bohle bao e neng e se Bajuda e ne e le lira ’me ba ne ba lokela ho hlouoa.