Naletsana
b “Lentsoe le bonolo, le tlaase” mona e ka ’na eaba e ne e ntse e le la lengeloi le ileng la sebelisoa ho fana ka “lentsoe la Jehova” ho 1 Marena 19:9. Temaneng ea 15, ho thoe feela “Jehova,” ha ho buuoa ka lengeloi lena. Sena se ka ’na sa re hopotsa lengeloi la lenģosa leo Jehova a ileng a le sebelisa ho tataisa Baiseraele lefeelleng le leo Molimo a ileng a re ka lona: “Lebitso la ka le ho lona.” (Exoda 23:21) Ke ’nete hore re ke ke ra tsitlella hore joang kapa joang lengeloi leo ke Jesu, empa hoa thahasellisa hore ebe pele a tla lefatšeng mona, e ne e le “Lentsoe,” ’Muelli ea khethehileng ho bahlanka ba Jehova.—Johanne 1:1.