Naletsana
d Xerxese I o ne a tsebahala ka hore ke sefela-peloana se mabifi. Rahistori oa Mogerike, Herodotus o ile a ngola ka mehlala e itseng ea lintoa tsa Xerxese le Greece. Morena o ile a fana ka taelo ea hore ho hahuoe borokho bo tšehelitsoeng ke likepe mochophorong oa Hellespont. Ha sefefo se senya borokho boo, Xerxese o ile a laela hore lienjiniere li khaoloe lihlooho a ba a etsa hore banna ba hae ba fe Hellespont “kotlo” ka ho shapa metsi ha a ntse a rohakoa ka lentsoe le phahameng. Nakong ea lintoa tsona tseo, ha monna e mong ea ruileng a kōpa hore mora oa hae a se ke a kenngoa lebothong, Xerxese o ile a re mora eo a khaoloe likoto tse peli ’me ’mele oa hae o behoe pooaneng e le temoso.