Naletsana
b Pina ea Debora e bontša hore Sisera o ne a atisa hore ha a tsoa ntoeng a tle a hapile banana, ka linako tse ling ba e-ba bangata ho feta masole. (Baahloli 5:30) Lentsoe le fetoletsoeng e le “pōpelo” temaneng ena, le bolela “ngoanana.” Mantsoe a kang ana a re bontša hore banana bao ba ne ba sebelisoa feela bakeng sa boitšoaro bo bobe. Ho ka etsahala hore e ne e le ntho e tloaelehileng hore basali ba betoe sebakeng seo.