Naletsana
a Hoa thahasellisa ho bona tatellano ea lipapiso tseo Jesu a ileng a li etsa tseo e leng karolo ea letšoao la boteng ba hae. O ile a qala ka ho bua ka “lekhoba le tšepahalang le le masene,” e leng sehlopha se senyenyane sa barab’abo ba batlotsuoa ba neng ba tla etella pele. (Mat. 24:45-47) Eaba o etsa lipapiso tse neng li tobisitsoe ho bohle ba nang le tšepo ea ho phela leholimong. (Mat. 25:1-30) O ile a qetella ka ho bua ka ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba neng ba tla tšehetsa barab’abo Kreste. (Mat. 25:31-46) Ka ho tšoanang, le mehleng ea kajeno boprofeta ba Ezekiele bo bontša se tla etsahalla ba nang le tšepo ea ho phela leholimong. Le hoja e se kamehla ’muso oa meloko e leshome o emelang ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, ho momahanngoa hoo ho buuoang ka hona boprofeteng bona ho re hopotsa bonngoe bo teng pakeng tsa ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng le ba nang le tšepo ea ho phela leholimong.