Naletsana
b Sara e ne ele khaitseli ea Abrahama. Tera e ne ele ntate oa bona ka bobeli empa bo-’mè ba bona ba fapane. (Genese 20:12) Le hoja lenyalo la mofuta oo le fosahetse, re lokela ho hopola hore mehleng eo lintho li ne li fapane haholo le mehleng ena. Ka nako eo batho ba ne ba se hole haholo le phetheho eo Adama le Eva ba ileng ba e lahla. Ka lebaka leo batho ba ne ba ntse ba phetse hantle ba bile ba le matla. Kahoo ho nyalana ha batho ba amanang ho ne ho sa bake mathata a liphatsa tsa lefutso ho bana ba neng ba ka hlaha lenyalong le joalo. Leha ho le joalo lilemo tse 400 hamorao, batho ba ne ba se ba phela lilemo tse lekanang le tseo batho ba li phelang mehleng ena. Molao oo Molimo a ileng ao fetisetsa ho Baiseraele ka Moshe o ile oa hanela hore motho a ka nyalana le mong ka eena.—Levitike 18:6.