Naletsana
b Ke ’nete hore litsebi tse ling li ile tsa hlahisa liphetolelo tsa Seheberu tsa Testamente e Ncha le pele ho moo. E mong oa litsebi tseo ke Simon Atoumanos, eleng monna oa moitlami oa Byzantine ea hlahisitseng phetolelo ea hae lilemong tsa bo-1360. E mong ke setsebi sa Lejeremane Oswald Schreckenfuchs, ea entseng phetolelo ea hae lilemong tsa bo-1565. Liphetolelo tsena ha lia ka tsa hatisoa hore batho ba li fumane ’me ha li sa fumaneha.