Naletsana
a Bo-’mè ba bang ba ba le bokulo ba ho tepella maikutlo ka mor’a ho pepa ’me ho ba thata hore ba be haufi haholo le masea a bona. Empa ha baa lokela ho ipeha molato ka lebaka la bothata bona. Mokhatlo oa Naha oa Mafu a Kelello (National Institute of Mental Health [NIMH]) oa Amerika o re bokulo bona ha bo be teng ka lebaka la phoso eo ’mè a e entseng. Empa bo bakoa ke lintho tse etsahalang ’meleng le maikutlong. U ka sheba sehlooho se reng “Ke Hlōtse ho Tepella Maikutlo ha ka Mor’a ho Pepa” se hlahang ho Tsoha! ea August 8, 2002 e le hore u bale haholoanyane ka taba ena.