Naletsana
a Jehova o ile a etsa ntho e ikhethang bakeng sa Baiseraele e le hore e ka ba batho ba lokolohileng. O ile a ba etsetsa Jubile. Le hoja Bakreste ba se tlas’a Molao oa Moshe, ho na le lintho tse ngata tseo ba ka ithutang tsona ka Jubile. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na Jubile ea mehleng ea Baiseraele e re hopotsa ntho ea bohlokoa eo Jehova a re etselitseng eona joang, le hore na re rua molemo ofe ho eona.