Naletsana
a Temana ea rona ea selemo ea 2020 e re khothaletsa ho ‘etsa barutuoa.’ Bahlanka bohle ba Jehova ba lokela ho mamela taelo ena. Re ka susumetsa batho bao re ithutang Bibele le bona joang hore ebe barutuoa ba Kreste? Sehlooho sena se tl’o re thusa ho bona hore na re ka thusa lithuto tsa rona joang ho atamela haufi le Jehova. Re tla boela re bone hore na ke eng e ka re thusang ho etsa qeto ea hore na re khaotsa thuto kapa che.