Naletsana
a E le hore lelapa e be le thabileng, setho ka seng se lokela ho tseba hore na ho lebelletsoe’ng ho sona le hore se sebelisane hantle le litho tse ling. Ntate o etella lelapa la hae pele ka tsela e lerato, ’mè oa mo tšehetsa ha bana bona ba mamela batsoali ba bona. Ntho ena e tšoana hantle le e etsahalang lelapeng la Jehova. Molimo o na le morero ka rona ’me haeba re mo mamela, re tla ba karolo ea lelapa la hae ka ho sa feleng.