Naletsana
a Ho baka e le kannete ha ho bolele feela ho kopa tšoarelo ka sebe seo re se entseng. Sehloohong sena re tl’o ithuta ka mehlala e tla re thusa ho utloisisa hore na ho baka ho bolela’ng, e leng mohlala oa Morena Akabe, Morena Manase le mora ea lahlehileng eo Jesu a buileng ka eena papisong ea hae. Re tl’o boela re ithute ka lintho tseo baholo ba lokelang ho nahana ka tsona ha ba lokela ho etsa qeto ea hore na motho ea entseng sebe se tebileng o bakile e le kannete.