Naletsana
a Rea thaba ha batho ba batla ho ithuta Bibele empa re utloa bohloko ha ba sa etse joalo. U tla etsa’ng haeba motho eo u ithutang Bibele le eena a sa etse liphetoho? Kapa u tla etsa’ng haeba ha u e-s’o thuse motho hore a kolobetsoe? Na u tla etsa qeto ea hore u hlolehile ho etsa barutuoa? Sehloohong sena, re tla bona hore na re ka atleha joang mosebetsing oa boboleli le ho o thabela ho sa tsotellehe hore na batho baa re mamela kapa che.