Naletsana
a Monna ea tšepahalang Jobo le eena o ile a tšoenyeha haholo ka botumo ba hae ha metsoalle ea hae e meraro e mo senya lebitso. Qalong ha a lahleheloa ke maruo a hae le bana ba hae ba shoa, “Jobo ha aa ka a etsa sebe kapa a beha Molimo molato.” (Jobo 1:22; 2:10) Leha ho le joalo, ha Jobo a ne a qosoa ka hore o entse lintho tse mpe, o ile a qala ho bua “puo e hlaha.” O ile a ameha haholo ka ho emela botumo ba hae, ho e-na le ho halaletsa botumo kapa lebitso la Molimo.—Jobo 6:3; 13:4, 5; 32:2; 34:5.